settings icon
share icon
Pōtso

Na Bebele e bua ka tšireletso ea ka ho sa feleng?

Karabo


Ha batho ba tseba Kreste joalo ka Mopholosi oa bona, ba kena likamanong le Molimo tse tiisang tšireletso ea ka ho sa feleng. Juda 24 e bolela hore, “Joale, ho ea ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la oa, le ho le hlahisa pontšeng ea hae e khanyang, le se na letheba, le nyakaletse.” Matla a Molimo a khona ho boloka balumeli ba sa khelohe. Ho ho Eena, e seng rōna, ho re hlahisa pontšeng ea hae e khanyang. Tšireletso ea ka ho sa feleng ea rōna e teng ka baka la hobane Molimo a re bolokile, e seng hobane re bolokile pholoho ea rōna.

Morena Jesu Kreste o re, “’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ‘me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, ‘me ha ho motho ea ka li tutlang letsohong la ka. Ntate ea ‘neileng tsona o moholo ho bohle; ‘me ha ho motho ea ka li tutlang letsohong la Ntate” (Johanne 10:28-29b). ‘Moho, Jesu le Ntate ba re sikile ka thata liatleng tsa bona. Ke mang ea ka atlehang ho re arohanya le ho sikoa ke Ntate le Mora?

Ba-Efese 4:30 e re bolella hore balumeli ba “tšoaetsoe letsatsi la topollo.” Ha balumeli ba ne ba se na tšireletso e sa feleng, ho tšoauoa e ne e ke ke ea e ba hoa letsatsi la topollo, empa bakeng sa letsatsi la ho etsa sebe, ho koenehela bolumeli, kapa ho se lumele. Johanne 3:15-16 e re bolella hore mang kapa mang ea lumelang ho Jesu Kreste o tla “ba le bophelo bo sa feleng.” Haeba motho o ne ka tšepisoa bophelo bo sa feleng, ‘me e be u oa bo amohuoa, e ne e tla be e se bophelo bo sa feleng ho tloha sethathong. Haeba tšireletso ea ka ho sa feleng ha se ‘nete, litšepiso tsa bophelo bo sa feleng tse ka bebeleng e ne e ka ba ke phoso.

Ntlha e matla e tšehetsang tšireletso ea ka ho sa feleng ke Ba-Roma 8:38-39, “Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Tšireletso ea rōna ea ka ho sa feleng e ipapisitse le lerato la Molimo ho bao A ba lopolotseng. Tšireletso ea rōna ea ka ho sa feleng e rekiloe ka Kreste, e tšepisitsoe ke Ntate ea bolokoa ka Moea o halalelang.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na Bebele e bua ka tšireletso ea ka ho sa feleng?
© Copyright Got Questions Ministries