settings icon
share icon
Pōtso

Na Molimo o teng? Na ho na le bopaki ba hore Molimo o teng?

Karabo


Na Molimo o teng? Ke fumana e le taba e thabisang ho bona hore ho shejoane le taba ena hakana. Boithuto ba morao tjena bo hlahisitse hore batho ba robong ho ba leshome lefatšeng kajeno, ba lumela boteng ba Molimo kapa matleng a mang fela a maholo. Ntho e makatsang ke hore ba lumelang ho Molimo ba beoa boikarabello ba ho netefatsa hore Molimo o teng. ‘Na, ke nahana hore e tšoanetse hore e be bana ba sa lumeleng ho Molimo ba netefatsang tumelo ea bona.

Le ha ho le joalo, boteng ba Molimo bo ka se bonahatsoe kapa hona ho hanyetsoa. Bebele e bile e re, re tlameha ho amohela ka tumelo taba ea hore Molimo o teng, “Empa tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang kateng; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hobane ke oona moputsi oa ba o batlang” (Ba-Heberu 11:6). Ha Molimo a ne a ratile, o ne a ka hlaha e le ho netefaletsa lefatše lohle hore o teng. Empa ha a ne a ka etsa joalo, ho ne ho sena ho ba le bohlokoa ba tumelo. “Jesu a re ho eena: ’Kahobane u mpone, u lumetse. Ho lehlohonolo ba lumetseng, leha ba sa ka ba bona’” (Johanne 20:29).

Le ha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha ho na bopaki ka boteng ba Molimo. Bebele e re, “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ‘me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona. Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong. Ha se polelo, ha se mantsoe ao molumo oa ‘ona o sa utloahaleng. Tumo ea tsona e hasane lefatšeng lohle, lipolelo tsa tsona li ile pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 19:1-4). Ha u sheba linaleli, u utloisisa boholo ba lefatše, u bona tse hlollang tsa tlholeho, u bona botle ba ha letsatsi le likela – tsena tsohle li supa ho ‘Mopi e leng Molimo. Ha ekaba tsena ha lia lekana, ho na le bopaki ba boteng ba Molimo ka lipelong tsa rōna. Moeklesia 3:11 e re bolella ho re, “…O bile o beile lefatše lohle pel’a bona hore ba lemohe litaba tsa lona…” Ho na le ntho e tebileng bothong ba rōna e hlokomelang hore ho na le ho hong kamora bophelo bona le hore hape ho na le motho ka ntle ho lefatše lena. Re ka hana taba ena ka bohlale, empa boteng ba Molimo kahare ho rōna le ho rōna bo ntse bo le teng. Le boteng ba bopaki bona bohle, Bebele e re hlokomelisa hore ho tla ‘ne ho be le ba bang ba tlang ho latola boteng ba Molimo, “Lehlanya le itse polelong ea lona: ’Molimo ha o eo” (Pesaleme ea 14:1). Kaha batho ba ka holimo ho 98% ho tloha khale, meetlong eohle, maemong a tsoelopele ‘ohle, lefatšeng ka bophara, ba lumela boteng ba mofuta o itseng oa Molimo – ho tšoanetse hoa be ho ena le ntho e ‘ngoe (kapa motho e mong) ea etsang hore ho be le tumelo ena.

Ho ekeletsa holim’a bopaki ba Bebele ka boteng ba Molimo, ho na le bopaki bo bong bo hlakileng. Ntlha ea pele ke ho sebelisa monahano ka Molimo ho netefatsa boteng ba Molimo. Bo qala ka ho hlalosa Molimo e le “eo ntle le eena ho se nang ea moholo ea ka utloisisoang.” Ho boetse ho thoe ho ba teng ho ka holimo ho ho se be teng, kahoo ea moholo ea utloisisoang o tšoanetse a be a le teng. Ha e ne e le hore Molimo ha a ka a ba teng, e ka be e se Molimo motho ea moholo ea utloisisehang – feela hoo ho ne ho ka ba khahlanong le tlhaloso ea Molimo. Hoa bobeli ke khōpōlo ea hore liketsahalo le liphetoho li teng ho phethahatsa morero o itseng ‘me li etsahala ka lebaka leo. Khōpōlo ke hore kaha lefatše le bontša moralo o hlollang hakana, ho tšoanetse ho’a be ho na le mothehi ea Moholo. Mohlala, ha e ne e le hore lefatše le ne le le haufi le letsatsi ho feta kamoo le leng kateng kapa le le hole ho feta kamoo le leng kateng hona joale, tsohle tse phelang ho lona li ne li se na ho phela.

Ntlha e ‘ngoe ea boraro e hlakileng ka boteng ba Molimo, ke hore sohle se etsahalang se na le se etsang hore se etsahale. Lefatše le tsohle tse ho lona ke liketsahalo. Ho tšoanetse hoa be ho na le ntho e entseng hore lintho tsohle li be teng. Qetellong, ho tšoanetse hoa be ho na le se sa etsahaleng ka hobane ho na le se etsang hore se etsahale. Seo se sa etsahaleng ka hobane ho na se entseng hore se etsahale, ke Molimo. Ntlha ea bone ke taba ea boitšoaro. Ho tloha khale ha e sa le meetlo e na le melao. Motho e mong le e mong o na le kelello ea ho tseba botle le bobe. Ho bolaea, leshano, ho utsoa, le boitšoaro bo bobe li batla li sa amohelehe lefatšeng ka bophara. Kelello ee ea ho tseba botle le bobe e tsoa kae ha e se ho Molimo ea halalelang?

Ntle le tsena tsohle, Bebele e re bolella hore batho ba tla nena tsebo e hlakileng ea Molimo e be ba lumela leshano. Ba-Roma 1:25 e re, “E leng bona ba fetotseng ‘nete ea Molimo leshano, ba rapetseng tse bōpiloeng, ba li sebelisitseng, ba furaletse ‘Mopi ea bokoang ka mehla. Amen!” Bebele e bolela hape hore batho ha ba na mabaka a hore e be ha ba lumele ho Molimo, “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona, e le hore ba tle ba hloke maitatolo” (Ba-Roma 1:20).

Batho ba re ha ba lumele ho Molimo ka hobane ho se na mokhoa oa ho bonahatsa boteng ba hae. Lebaka la ‘nete ke hore hang ha ba lumela hore Molimo o teng, ba tlameha hape ho elelloa hore ba ikarabella ho Molimo ‘me ba hloka tšoarelo ho tsoa ho Molimo (Ba-Roma 3:23; 6:23). Ha ekaba Molimo o teng, re ikarabella liketsong tsa rōna ho eena. Ha e le hore ha a teng, re ka iketsetsa kamoo re ratang kateng re sa ngongorehisoe ke hore o tla re ahlōla. Ke lumela hore ke mokhoa ona batho ba bangata ba itšoarellang ka liphetoho tse etsahalang limeleng le liphoofolong, tse tlisoang ke maemo a lutseng a feto-fetoha a leholimo kamora nako e itseng. Ba lumela hore tsohle li teng kapa li etsahala ka baka la ho feto-fetoha ha leholimo, ho etsahalang nakong e itseng – e le ho fa batho seo ba ka lumelang ho sona ntle le Molimo. Molimo o teng ‘me qetello ke hore batho bohle baa tseba hore o teng. Taba ea hore ba bang ba leka ho hanyetsa boteng ba hae, e boetse e tiisa boteng ba hae.

Mphe monyetla oa ho hlahisa ntlha ea ho qetela e tiisang boteng ba Molimo. ‘Na ke tseba joang hore Molimo o teng? Kea tseba hore o teng kaha ke bua le eena letsatsi le letsatsi. Ha nke ke utloa molumo oa lentsoe la hae, empa ke utloa boteng ba hae, ke utloa tataiso ea hae, ke tseba lerato la hae, ke lakatsa mohau oa hae. Ho na le lintho tse etsahetseng bophelong ba ka tse se nang tlhaloso ntle le Molimo. Molimo o mpholositse ka mohlolo ‘me a fetola bophelo ba ka hoo ke se nang ho etsa ho hong ntle le ho mo hlokomela le ho rorisa boteng ba hae. Bopaki bona ha bo na ho kholisa motho ea hanang ho hlokomela litaba tsena tse hlakileng hakana. Qetellong, boteng ba Molimo bo tšoanetse ho amoheloa ka tumelo (Ba-Heberu 11:6). Tumelo ho Molimo ha se ho tsamaea ka lefifi u sa bone moo u eang, ke tiisetso ea ho kena ka ntlong e khanyang moo matšoele-tšoele a batho a seng a eme teng.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na Molimo o teng? Na ho na le bopaki ba hore Molimo o teng?
© Copyright Got Questions Ministries