settings icon
share icon
Pōtso

Jesu Kreste ke mang?

Karabo


Jesu Kreste ke mang? Ho fapana le pōtso e reng, “Na Molimo o teng?”, batho ba fokolang ka palo ba botsa hore na Jesu Kreste o bile teng. Ho’a amoheleha hore ka ‘nete Jesu e bile motho ea ileng a tsamaea holim’a lefatše mane Iseraele lilemong tse 2000 tse fetileng. Khang e qala ha ho buisanoa ka taba ea boitsebiso bo felletseng ba Jesu. Bonyane tumelo e ‘ngoe le e ‘ngoe e khōlō e ruta ka hore Jesu e ne e le moporofeta, kapa moruti ea khabane, kapa monna oa Molimo. Bothata ke hore, Bebele e re bolella hore Jesu o ne a fetisisa moporofeta, moruti, kapa monna oa Molimo.

C.S. Lewis bukeng ea hae e bitsoang “Mere Christian” (e ka hlalosoang e bolela “Mokrestenyana feela”) o ngola tse latelang: “Ke leka mona ho thibela mang kapa mang ho bua litaba tse booatla tseo batho ba hlolang ba li bua ka eena [Jesu Kreste]: “Ke ikemiselitse ho amohela Jesu e le moruti ea moholo oa boitšoaro, empa ha ke amohele ho ipitsa ha hae e le Molimo.” Hoo ha se ntho eo re tšoanelang ho e bua. Motho eo e neng e le motho feela tjee, a bile a bau lintho tseo Jesu a neng a li bua, e ne e ke ke be ea e ba moruti e moholo oa boitšoaro. E ne e ka mpa ea e ba lehlanya – le boemong ba motho ea reng ke lehe le phehiloeng ka metsi – kapa e ne e ka ba Satane oa liheleng. U tlameha ho etsa khetho ea hao. E ka ‘na ea ba monna enoa e ne e le, kapa ke, Mora oa Molimo kapa lehlanya kapa ho hong ho ho be ka ho fetisisa… U ka mo nka e ne e le sehole, u ka mo tšoela ka mathe ‘me oa ‘molaea joalo ka letemona; kapa u ka itihela maotong a hae oa mo khumamela oa ‘mitsa Morena le Molimo. Feela re se hlahe ka lintho tse mo nyenyefatsang tse se nang kelello ka ho ba moruti e moholo hoa hae. Ha a ka a tlohella khetho eo hore re e etse. Ha a ka a ikemisetsa ho etsa joalo.”

Ha ntle Jesu eena o ne a re ke mang? Bebele eona e re ke mang? Ntlha ea pele, ha re shebe mantsoe a Jesu ho Johanne 10:30, “’Na le Ntate, re bang feela.” Ha u habanya ka mahlo, hona ho ka se shebahale e ka ho bolela hore o ipolela e le Molimo. Le ha ho le joalo, sheba hore na Ba-Juda ba ile ba etsa joang ka baka la polelo ena, “Ha u tlepeletsoe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane u re u le motho, u iketsa Molimo.”(Johanne 10:33). Ba-Juda ba ne ba utloisisa polelo ea Jesu e le ho ipolela e le Molimo. Litemaneng tse hlahlamang, Jesu ha a ka a lokisa polelo ka hore ho Ba-Juda, “Ha kea ipolela ke le Molimo.” Hona ho supa hore Jesu o ne a bolela ka ‘nete hore ke Molimo ka ho phatlalatsa hore “’Na le Ntate, re bang feela.” Johanne 10:30. Johanne 8:58 ke mohlala o mong. Jesu a re ho bona, “Ka ‘nete-‘nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng.” Hape, Ba-Juda ba araba ka ho nka majoe ba leka ho tlepetsa Jesu (Johanne 8:59). Jesu ka ho phatlalatsa boitsebiso ba hae e le “Ke ‘na” ke ho sebelisa lebitso le hlahang Testamenteng ea Khale la Molimo (Exoda 3:14). Ke hobaneng ha Ba-Juda ba ne ba ka batla ho tlepetsa Jesu ka majoe, ha a ne a sa bua ntho eo ba e lumelang e le thohako, e leng, ho ipolela e le Molimo?

Johanne 1:1 e re bolella hore “Lentsoe e ne e le Molimo.” Johanne 1:14 e re “Lentsoe le ne le etsoe nama.” Hona ho supa ka kotloloho hore Jesu ke Molimo ka nama. Morutuoa Thomase o ile a bolela ka Jesu, “Morena oa ka le Molimo oa ka.” (Johanne 20:28). Jesu ha a mofetole. Moapostola Pauluse o mo hlalosa e le, “…Molimo o moholo, Jesu Kreste, ‘Moloki oa rōna” (Tite 2:13). Moapostola Petrose o bua se tšoanang, “…Molimo le ‘Moloki oa rōna, Jesu Kreste” (II Petrose 1:1). Molimo Ntate le eena ke paki ea boitsebiso bo felletseng ba Jesu, “Feela ka Mora o re, Terone ea hao ke terone ea Molimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka.” Boporofeta ba Testamente ea Khale bo phatlalatsa ho halalela ha hae, “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ‘me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.”

Joalo kaha C.S. Lewis a ile a beha litaba tsa hae, ho lumela Jesu e le moruti ea khabane ha se boikhethelo. Ha ho khanyetso hore, Jesu ka ho hlaka, o ipitsitse e le Molimo. Haeba ha se Molimo, ho bolela hore ke raleshano, ‘me ha se moporofeta, ha se moruti ea khabane, kapa monna oa Molimo. E le ho ka hanyetsa mantsoe a Jesu, ”baithuti” ba joale ba re “Jesu oa ‘nete oa mehleng” ha a ka a bua lintho tse ngata tsena tseo Bebele e li bolelang a li buile. Re bo mang rōna ba ka hanyetsang Lentsoe la Molimo mabapi le hore na le re Jesu o entse eng kapa hona hore na ha a etsa eng? Ho ka etsahala joang hore e be “moithuti” oa lilemo tse ka bang tse likete li peli ho tloha nakong ea Jesu a be le bohlale bo ka fetang ba batho ba phetseng, ba sebeletsa le Jesu, ‘me ba rutoa ke eena ka sebele, tabeng tsa hore Jesu o entse eng kapa ha a etsa eng (Johanne 14:26)?

Hobaneng ha pōtso ea boitsebiso ba Jesu e le ea bohlokoa hakana? Hobaneng ho le bohlokoa hore na Jesu ke Molimo kapa che? Lebaka la bohlokoa la hore Jesu o tšoanetse hore ebe ke Molimo ke la hore ha e-ba ha se Molimo, lefu la hae le ka be le sa lekana ho lefella kotlo ea sebe sebakeng sa lefatše lohle (I Johanne 2:2). Ke Molimo feela ea neng a ka khona ho lefella kotlo e kaalo ea ka ho sa feleng (Ba-Roma 5:8; II Ba-Korinthe 5:21). Jesu o ne a tlamehile ho ba Molimo e le hore a tle a lefelle molato oa rōna. Jesu o ne a tlamehile ho ba motho e le hore a tle a shoe. Pholoho e teng feela ka tumelo ho Jesu Kreste! Khalalelo ea Jesu e etsa hore e be Ke eena feela tsela ea pholoho. Khalalelo ea Jesu e entse hore e be o ile a re, “Ke ‘na tsela, le ‘nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ‘na” (Johanne 14:6).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Jesu Kreste ke mang?
© Copyright Got Questions Ministries