settings icon
share icon
Pōtso

Nka tseba joang thato ea Molimo ka bophelo ba ka? Bebele e reng ka ho tseba thato ea Molimo?

Karabo


Ho na le lintlha tse peli tse ka u thusang ho tseba thato ea Molimo ka boemo boo u leng kahare ho bona. (1) Etsa bonnete ba hore seo u se kōpang kapa u batlang ho se etsa ha se hanyetsane le Bebele. (2) Etsa bonnete ba hore seo u se kōpang kapa u batlang ho se etsa se tlisa thoriso ho Molimo hape se tla u thusa ho hola moeeng. Haeba tsena tse peli li nepahetse empa Molimo a sa u fe seo u se kōpang – E tla be e le hore ha se thato ea Molimo hore u fumane seo u se kōpang. Kapa, mohlomong u tšoanetse ho lebella nakonyana e itseng. Ho tseba thato ea Molimo ho ka ba thata ka nako e ‘ngoe. Batho ba batla hore Molimo a ba joetse seo ba tšoanetseng ho se etsa – moo ba ka sebetsang, moo ba ka phelang, hore ba nyalane le bo mang, le tse ling. Ba-Roma 12:2 e re bolella hore “Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo – ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.”

Molimo ha a fane ka litaba tse totobetseng ka mehla. Molimo o re lumella ho etsa khetho malebana le tseo tsohle. Qeto eo Molimo a sa rateng ha re e etsa ke ea ho etsa sebe kapa ho sitisa thato ea Hae. Molimo o rata ha re etsa liqeto tse lumellanang le thato ea Hae. Joale u ka tseba thato ea Molimo ka uena joang? Ha u tsamaea haufi le Morena ‘me u lakatsa ka ‘nete thato ea Hae bakeng sa bophelo ba hao – Molimo o tla beha litakatso tsa Hae pelong ea hao. Taba khōlō ke ho batla thato ea Molimo, e seng ea hao. “U ikhahlisetse ho JEHOVA, ‘me O tla u nea se batloang ke pelo ea hao” (Pesaleme ea 37:4). Haeba Bebele ha e bue khahlanong le eona ‘me e ka u holisa moeeng – Bebele e u “lokolla” ho etsa qeto le ho sala pelo ea hao morao.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Nka tseba joang thato ea Molimo ka bophelo ba ka? Bebele e reng ka ho tseba thato ea Molimo?
© Copyright Got Questions Ministries