settings icon
share icon
Pōtso

Bosotoma – na ke sebe ho ea ka Bebele?

Karabo


Bebele ha e bue ka ho hlaka ka taba ea ho khotsofatsa litakatso tsa thoabalano ka ho tsoara-tsoara likarolo tsa botona kapa tsa botsehali (bosotoma) kapa hona hore na ketso ena ke sebe kapa che. Ha ho na khanyetso, leha ho le joalo, ea hore liketso tse lebisang ketsong ena, ke liketso tsa sebe. Bosotoma ke qetello ea menahano ea ho lakatsa thoabalano, kapa ho sheba litšoantšo tsa batho ba etsang thoabalano. Ke meleko ena eo ho tšoanetseng hore ho sebetsanoe le eona. Ha libe tsa ho lakatsa thoabalano le ho shebella litšoantšo tsa batho ba etsang thobalano li ka tlohelloa – bothata ba bosotoma bo ka se be taba e kaalo.

Bebele e re bolella hore, ha e le bofebe le litšila tsohle, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a rōna (Ba-Efese 5:3). Ha ho kamoo bosotoma bo ke keng ba e ba e ‘ngoe ea tsena. Mokhoa o motle o ka sebelisoang ho fumana hore na ntho e itseng ke sebe kapa che, e ka ba hore na u ka joetsa batho seo u qetang ho se etsa. Haeba ke ntho e ka u soabisang ha e ka hlahella pōoaneng, ho ka etsahala hore e be ke sebe. Mokhoa o mong e ka ba ho fumana hore na re ka kōpa, ka tieo, Molimo ho re hlohonolofatsa ‘me a sebelise ntho eo sebakeng sa merero ea Hae e metle. Ha ke nahane hore bosotoma ke e ‘ngoe ea lintho tseo motho a ka “ikotlang sefuba” ka eona kapa hona ho leboha, ka tieo, Molimo ka eona.

Bebele e re ruta hore, “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le e-tsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (I Ba-Korinthe 10:31). Haeba ho na le pelaelonyana tabeng eo u e etsang ea hore na e thabisa Molimo kapa che, ho bohlokoa hore u e tlohella. Ntle le qeea-qeeo, ha e le tabeng ea bosotoma pelaelo e teng. “’Me se seng le se seng se sa etsoeng ka tumelo ke sebe” (Ba-Roma 14:23). Ho latela Bebele, ha ke bone hore na bosotoma bo ka nkoa e tlotlisa Molimo joang. Ho feta moo, re tšoanetse ho hopola hore ‘mele, le meea tsa rōna li lopolotsoe ‘me ke tsa Molimo. “Ana ba le tsebe hobane ‘mele ea lōna ke tempele ea Moea o Halalelang, o leng teng ka ho lōna, oo le o filoeng ke Molimo? Hape ha le ba lōna, hobane le lopolotsoe ka theko. Tlotlisang Molimo ke hona ‘meleng ea lōna le meeeng ea lōna, e leng ea Molimo” (I Ba-Korinthe 6:19-20). ‘Nete ena, e matla e tšoanetse ho re laola hore na re etsa eng le hore na re ea kae ka ‘mele ea rōna. Ho latela sena, ntle le qeea-qeeo, nka re bosotoma ke sebe ho ea ka Bebele. Ha ke lumele hore bosotoma bo thabisa Molimo, hore ho ka thoe ha hona litšila ho eona, kapa hoa lumelleha hore e etsoe ke ‘mele ena e ruoeng ke Molimo.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bosotoma – na ke sebe ho ea ka Bebele?
© Copyright Got Questions Ministries