settings icon
share icon
Pōtso

Nka ba maemong a nepahetseng le Molimo joang?

Karabo


E le ho ka ba maemong nepahetseng le Molimo, re lokela ho tseba ho “fosahetseng.” Karabo ke sebe. “Bohle ba khelohile, ba itšentse hammoho; ha ho ea etsang ha ntle, le ha a le mong,” (Pesaleme ea 14:3). Re bile khahlanong le melao ea Molimo; “joalo ka linku re ne re ea e mong le e mong ka tsela ea hae” (Esaia 53:6).

Litaba tse bōhlōkō ke hore moputso oa sebe ke lefu. “Bonang, meea eohle ke ea ka: moea oa ngoana le oa nta’tae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla ho shoa” (Ezekiele 18:4). Litaba tse monate ke hore Molimo o lerato o re phehelletse e le ho re tlisetsa pholoho. Jesu o hlakisitse sepheo hore ke, “ho batla le ho pholosa ho timetseng” (Luka 19:10), a ba a phatlalatsa sepheo sa hae se phethahetseng ha a ne a shoa sefapanong, ka mantsoe a reng “ho phethehile!” (Johanne 19:30).

Ho ba le likamano tse nepahetseng le Molimo ho qala ka ho elelloa libe tsa hao. Ho latelang ke ho bolela libe tsa hao ho Molimo (Esaia 57:15) le boitlama ba ho li tlohela, “’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe” (Ba-Roma 10:10).

Kōpo ena ea tšoarelo e tšoanetse ho tšehetsoa ke tumelo. Haholo-holo tumelo ea ho re lefu la Jesu le ho tsoha ha hae ha mohlolo, li netefatsa ho re ke Mopholosi oa hao. “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ‘me u lumela pelong ea hao hobane ke Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha” (Ba-Roma 10:9). Litemana tse ling li bua ka tlhokahalo ea tumelo, joaloka Johanne 20:27; Liketso 16:31; Ba-Galata 2:16; 3:11,26; le Ba-Efese 2:8.

Ho ba maemong a nepahetseng le Molimo ke feela hore u ele hloko seo Molimo a u etselitseng sona. O romelletse Mopholosi, o fane ka sehlabelo ho tlosa libe tsa rōna (Johanne 1:29), ‘me o fana ka litšepiso: “’Me e mong le e mong ea tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha” (Liketso 2:21).

Tlhaloso e ntle ea kōpo ea tšoarelo le tšoarelo, e fumaneha setšoantšong sa ngoana ea lehlasoa (Luka 15:11-32). Mora e monyane a qhalanya letlotlo la hae ka ho phela ka bohlola (temana ea 13). Ha a elelloa phoso ea hae, a rera ho khutlela hae (temana ea 18). O ne a hopola hore ha a sa tla bitsoa mora (temana ea 19), empa o ne a le phoso. Ntata’e o ‘nile a mo rata joalo ka mehleng (temana ea 20). Tsohle tsa tšoareloa ‘me ha latela mokete (temana ea 24).

Molimo o motle ho boloka litšepiso tsa hae, ho kenyelletsa le ea ho tšoarela. “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng”. (Pesaleme 34:18).

Ha e ba u batla ho ba le likamano tse nepahetseng le Molimo, mohlala oa thapelo eo u ka e rapelang ke ona. Hopola hore, ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ha ho na ho u pholosa. Ke ho tšepa Kreste feela ho ka u pholosang sebeng. Thapelo ena e hlahisa feela tumelo ea hao ho Molimo le ho leboha hore o fana ka pholoho. “Molimo, kea tseba hore ke bile le litšito ho uena, ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena ke tšoareloe. Ke fetohela libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena e le hore ke fumane pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Nka ba maemong a nepahetseng le Molimo joang?
© Copyright Got Questions Ministries