settings icon
share icon
Pōtso

Ke mang Moea o Halalelang?

Karabo


Ho na le likutloisiso tse ngata tse fosahetseng ka boitsebiso ba Moea o Halalelang. Ba bang ba utloisisa ha Moea o Halalelang e le matla ao e seng a botho ao Molimo a fanang ka oona balateling ba Kreste. Bebele e reng ka boitsebiso ba Moea o Halalelang? Ha e behoa ka mokhoa o bobebe – Bebele e re Moea o Halalelang ke Molimo. Bebele e boetse e re bolella hore Moea o Halalelang ke Motho ea nang le kelello, maikutlo le thato.

Taba ea hore Moea o Halalelang ke Molimo e hlakile litemaneng tse ngata ho kenyelletsa le Liketso 5:3-4. Temaneng ena Petrose o toba Ananiase ka hore na ke hobaneng a entse leshano ho Moea o Halalelang ‘me o mo joetsa hore “ha a etsa leshano ho batho, empa o le entse ho Molimo.” Ke polelo e hlakileng e bolelang hore ho etsa leshano ho Moea o Halalelang ke ho etsa leshano ho Molimo. Re ka tseba hape hore Moea o Halalelang ke Molimo hobane o na le boleng le makhabane a Molimo. Mohlala, taba ea hore Moea o Halalelang o teng hohle e bonoa Pesalemeng ea 139:7-8 “Nka ea kae, ka ba hole le Moea oa hao? Nka balehela kae, ka ba hole le sefahleho sa hao? Ha nka nyolohela maholimong, u teng; leha nka ea robala nĝalong ea bafu le moo u teng!” Hape ka ho I Ba-Korinthe 2:10-11 re bona makhabane a ho tseba tsohle hoa Moea o Halalelang “Empa o li senoletse rōna ka Moea oa oona, hobane o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Molimo. Hobane motho ke ofe ea tsebang tsa motho, ha e se moea oa motho o leng ka ho eena? Ka mokhoa o joalo, litaba tsa Molimo ha ho motho ea li tsebang ha e se Moea oa Molimo.”

Re ka tseba hore ka ‘nete e fela Moea o Halalelang e le Motho hobane O na le kelello, maikutlo, le thato. Moea o Halalelang o’a nahana ‘me o’a tseba (I Ba-Korinthe 2:10). Moea o Halalelang a ka utloa bohloko (Ba-Efese 4:30). Moea o’a re rapella (Ba-Roma 8:26-27). Moea o Halalelang o etsa liqeto ho latela thato ea Hae (I Ba-Korinthe 12:1-11). Moea o Halalelang ke Molimo, “Motho” oa boraro Borarong bo Teroneng. Joalo ka Molimo, Moea o Halalelang a ka sebetsa joalo ka Moemeli le Mohlabolli eo Jesu a ileng a tšepisa hore o tla ba teng (Johanne 14:16,26; 15:26).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ke mang Moea o Halalelang?
© Copyright Got Questions Ministries