settings icon
share icon
Pōtso

Na ka ‘nete Bebele ke lentsoe la Molimo?

Karabo


Karabo ea rōna pōtsong ena ha e na ho bontša feela kamoo re utloisisang Bebele kateng le bohlokoa ba eona maphelong a rōna, empa e tla ba le tšusumetso e sa feleng maphelong a rōna. Haeba Bebele e le Lentsoe la Molimo, re tlameha ho e hlokomela, re ithute eona, re e hlomphe, ‘me re qetelle ka ho e tšepa. Haeba Bebele e le lentsoe la Molimo, ho e nena ho bolela ho nena Molimo, Eena ka sebele.

Taba ea hore Molimo o re file Bebele ke bopaki le tlhaloso ea lerato la hae ho rōna. Lentsoe “pholoho” le bolela feela hore Molimo o bolelletse motho seo a leng sona le hore na a ka ba le likamano tse napahetseng joang le Eena. Tsena ke lintho tseo re ka beng re sa li tseba ha ene eba Molimo a ne a sa ka a li senola ho rōna ka Bebeleng. Le ha tšenolo ea Molimo ka Bebeleng e ile ea ‘na ea fanoa nakong e ka fetang lilemo tse 1500, e sa le e ntse e ena le sohle seo motho a se hlokang ho tseba ka Molimo e le hore re be le likamano tse nepahetseng le Eena. Haeba ka ‘nete Bebele ke lentsoe la Molimo, ho bolela hore ke matla a ka holimo-limo litabeng tsa tumelo, le litloelo tsa bolumeli, le boitšoaro.

Pōtso eo re tšoanetseng ho ipōtsa eona ke hore na re ka tseba joang hore Bebele ke lentsoe la Molimo e seng buka feela? Ke eng e ikhethileng ka Bebele ‘me e etsang hore e fapane le libuka tsa litumelo tse ling tse ngotsoeng? Na ho na le bopaki bo netefatsang hore Bebele ke lentsoe la Molimo? Tsena ke mofuta oa lipōtso tse tšoanetseng ho shejoa ha e-ba re hloka ho hlahloba ka botebo taba ea hore Bebele ke lentsoe la Molimo le senotsoeng ka bokhabane ‘me le lekane bakeng sa tumelo le ho etsa ka lona.

Ha ho na pelaelo ea hore Bebele e ipolela e le lentsoe la Molimo. Sena se bonahala ka mokhoa o hlakileng litemaneng tse kang II Timothea 3:15-17, e reng, “…etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile oa tseba Mangolo a halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste. Lengolo lohle le bululetsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ‘me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”

E le ho ka arabela lipōtso tsena re tla tlameha ho sheba bopaki bo kahare le bo kantle bo bontšang ka ‘nete hore Bebele ke lentsoe la Molimo. Bopaki bo kahare ke lintho tse kahare ho Bebele ka boeona, tse pakang hore e tsoa mohloling o halalelang. Bopaki ba pele bo kahare ba hore Bebele ke lentsoe la Molimo, bo bonoa bonngoeng ba eona. Le ha e le mona e le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng a libuka tse ngotsoeng lefatšeng, ka lipuo tse fapaneng tse tharo, nakong e ka holimo ho lilemo tse 1500, ke lingoli tse 40 (Ba neng ba hlaha libakeng tse fapaneng), Bebele e setse e le buka e nang le bonngoe ho tloha qalong ho isa qetellong ho se na moo e ikhanyetsang teng. Bonngoe bona bo ikhethile papisong le libuka tse ling ‘me ke bopaki ba mantsoe a tsoang mohloling o halalelang ha Molimo a susumetsa batho ka mokhoa oo ba bileng ba ngola mantsoe a hae.

Bopaki bo bong bo kahare ho Bebele bo bontšang hore ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo bo bonoa boporofeteng bo hlakileng bo maqepheng a Bebele. Bebele e tšetse makholo-kholo a boporofeta bo hlakileng bo buang ka bokamoso ba lichaba ho kenyelletsa le Iseraele, metse e meng e meholo, ho fihla le bokamosong ba batho, le ho tla haa ea neng e tla ba Mesia, Mopholosi eo e seng oa Iseraele feela, empa bohle ba ka lumelang ho eena. Ho fapana le boporofeta bo fumanoang libukeng tsa litumelo tse ling kapa tse entsoeng ke Nostradamus, boporofeta ba Bebele bo hlakile haholo ‘me ha bo e-so ka bo sitoa ho phethahala. Ho na le boporofeta bo ka holimo ho makholo a mararo bo buang ka Jesu Kreste Testamenteng ea Khale feela. Ha bo’a ka ba bolele feela hore na O tla hlahela kae le hore na O tla tsoa lelapeng le feng, empa le hore na O tla shoa joang le hore O tla tsoha ka letsatsi la boraro. Ha ho na mokhoa o hlakileng oa ho hlalosa katleho ea boporofeta bona ntle le hore bo tsoa mohloling o halalelang. Ha ho na buka ea tumelo e ‘ngoe e nang le boporofeta bo hlakileng joalo ka ba Bebele.

Ntlha ea boraro e kahare e pakahatsang hore mohloli oa Bebele ke o halalelang e ka bonoa matleng a eona a khethehileng. Le ha e le mona ntlha ena ea bopaki e sekametse ka lehlakoreng le leng ho feta lintlha tse boletsoeng tse peli, e ntse e le bopaki bo matla ba hore mohloli oa Bebele ke o halalelang. Bebele e na le matla a khethehileng a sa tšoaneng le a buka e ‘ngoe e ka bang e ngotsoe. Matla a na a khethehileng, a bonahala ka mokhoa oo maphelo a mangata a batho a fetotsoeng ke ho bala Bebele. Makhoba a lithethefatsi a thusitsoe ke eona, le ba etsang liketso tsa motabo le ba mofuta oa bona ba pholositsoe ke eona, mahlasoa le ba khathetseng moeeng ba fetotsoe ke eona, litloli tsa molao tse pelo li thata li fetotsoe ke eona, baetsalibe ba khalemeloa ke eona, ‘me lehloeo le fetotsoe lerato ka ho e bala. Bebele e na le matla a hlollang a fetolang ‘me sena se etsahala feela hobane e le lentsoe la ‘nete la Molimo.

Ntle le bopaki bo kahare ba hore ka ‘nete Bebele ke lentsoe la Molimo, ho na le bopaki bo kantle bo supang hore ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo. Bo bong ba bopaki ke pokello ea liketsahalo tsa khale tse fumanoang ka Bebeleng. Hobane Bebele e bua ka botebo liketsahalo tsa khale e ka hlahlojoa e le ho ka netefatsa litaba tsa eona joalo ka lipokello tse ling tsa litaba tsa khale. Ho ‘nile ha e-ba le liteko tsa ho netefatsa Bebele ka ho fuputsa bopaki ba masalla a lintho tsa khale tse pakahatsang hore ho kile ha e-ba le bophelo, le ka lingoloa tsa khale ‘me ka makhetlo ‘ohle li ‘nile tsa pakahatsa ‘nete ea Bebele. ‘Nete ke ho re boithuto ba masalla a lintho tsa khale le pokello ea lingoloa tse tšehetsang Bebele li e etsa hore e be buka ea bohlokoa ho tsoa mehleng ea khale. Taba ea hore Bebele e tšetse liketsahalo tsa khale tse ka netefatsoang, ke sesupo se seholo sa bo ‘nete ba eona ha ho shejoa boithuto ba litumelo, ‘me e thusa ho netefatsa seo e se bolelang sa hore ke Lentsoe la Molimo.

Bopaki bo bong ba kantle ba hore ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo ke boleng ba botho ba lingoli tsa eona. Joalo kaha ho boletsoe, Molimo o sebelisitse batho ba hlahang libakeng tse fapaneng ho re ngolla mantsoe a hae. Ha re ithuta ka bophelo ba batho bana, ha ho na lebaka la ho se lumele hore e ne e le batho ba tšepahalang, hape ba sepheo. Ha re hlahloba maphelo a bona le taba ea hore ba ne ba itelletse ho shoa (hangata e le mafu a sehlōhō) bakeng sa seo ba lumelang ho sona, ho hlaka kapele hore bathonyana bana ba mpang ba tšepahala, ba ne ba fela ba lumela hore Molimo o buile le bona. Batho ba ngotseng Testamente e Ncha le balumeli ba makholo-kholo (I Ba-Korinthe 15:6) ba ne ba tseba bonnete ba molaetsa oa bona kaha ba ne ba bone ba bile ba phetse le Jesu kamora ho tsoha bafung. Ho fetoha ha bona, ka ho bona Kreste ea tsohileng, ho bile le tšusumetso e matla bothong ba bona. Ba ‘nile ba phela ka tšabo, ba ipata, ho fihlela ba itella ho shoella molaetsa oa Molimo oo a ba senoletseng ona. Mokhoa oo ba neng ba phela ka ona le ka moo ba shoeleng ka teng li pakahatsa taba ea hore ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo.

Ntlha ea ho qetela e kantle ea hore ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo, ke ho se timele ha eona. Ka baka la bohlokoa ba eona le ho ipolela ha eona e le lentsoe la Molimo, Bebele e ile ea hlaseloa haholo ‘me ha ba ha e-ba le liteko tse ngata tsa ho e timetsa ho feta libuka tse ling. Ho tloha babuseng ba khale ba Roma, bahatelling ba makomonisi le ba sa lumeleng ba mehleng ea joale, le ba sa tsebeng hantle hore na Molimo o teng kapa che, Bebele e hlotse lira tsa eona ‘me e ntse e le eona buka e phatlalalitsoeng haholo lefatšeng ka bophara, kajeno.

Ha e sa le babelaeli ba nkile Bebele e le buka feela ea lipale tsa khale, empa boithuto ka masalla a lintho tsa khale e le ho netefatsa bophelo ba mehleng eo, bo netefalitse Bebele e le buka ea liketsahalo tsa khale. Lira tsa bontša thuto ea eona e siiloe ke linako, le ha ho le joalo lintlha tsa eona tsa boitšoaro le molao le lithuto tsa eona, li na le litholoana tse monate bathong le meetlong lefatšeng ka bophara. Le joale e ntse e loantšoa ke lithuto tsa mahlale, lithuto tsa kelello, le mekhatlo ea lipolotiki, empa e ntse e setse e tsepame ‘neteng ea eona, e bile e lokela linako tsa mehleng ea joale joalo feela kaha e ntse e lokela linako tsa ha e ne e qala ho ngoloa. Ke buka e fetotseng maphelo a mangata a batho le meetlo nakong ea lilemo tse 2000. Ho sa tsotellehe hore na lira tsa eona li leka ho e loantšoa joang, ho e senya joang, kapa hona ho e nyefola, Bebele e ntse e le matla, e le ‘nete, ‘me le kamora ho loantšoa e ntse e le joalo ka pele. Ho nepahala ha eona ho sa leng ho bolokehile le tlasa liteko tsa ho e silafatsa, ho e loantša, kapa ho e senya, ke bopaki bo hlakileng ba hore e fela ka ‘nete Bebele e le Lentsoe la Molimo. Re se makatsoe ke ha re bona Bebele e ntse e tsoa e sa fetoha ‘me e bolokehile le ha e le mona e loantšoa hakalo. Haholo hobane, Jesu o itse, “Leholimo le lefatše li tla feta, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa feta” (Mareka 13:31). Kamora ho sheba bopaki bona, ka ntle le ho qeea-qeea, motho a ka re, “Ee ka ‘nete Bebele ke Lentsoe la Molimo.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na ka ‘nete Bebele ke lentsoe la Molimo?
© Copyright Got Questions Ministries