settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e ruta eng ka Boraro?

Karabo


Ntho e thata haholo ka taba ena ea Boraro (ba Bokreste) ke hore ha ho kamoo e ka hlalosoang ka botlalo kateng. Boraro ke taba e thata hore motho a ka e utloisisa ka botlalo, re tlohella taba ea ho e hlalosa. Boholo ba Molimo ho rōna bo ka se lekanngoe, kahoo re se lebelle hore re ka mo utloisisa ka botlalo. Bebele e ruta hore Ntate ke Molimo, hore Jesu ke Molimo, le hore Moea o Halalelang ke Molimo. Bebele e boetse e re ruta hore ho na le Molimo a le mong. Leha ekaba re ka utloisisa lintlha tse ling ka likamano tsa batho ba fapaneng ba Boraro, qetellong, ke ntho e sa utloisiseheng ho motho. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha se ‘nete kapa hore taba ena ha ea thehoa holim’a lithuto tsa Bebele.

U tle u hlokomele, ha u ntse u ithuta thuto ena, hore lentsoe “Boraro” ha lea sebelisoa Bebeleng. Ke lentsoe le sebelisoang ho leka ho hlalosa boemo ba Moilmo ba boraro, ntlha ea hore ho na le batho ba bararo ba ‘moho ba phelang ka ho sa feleng, ba etsang Molimo. U utloisise hore sena HA SE bolele hore ho na le bo Molimo ba bararo. Boraro ke Molimo a le mong ea entsoeng ka batho ba bararo. Ha se phoso ho sebelisa lentsoe “Boraro” leha e le mona le sa fumanehe Bebeleng. Ho ho khutšoanyane ho sebelisa lentsoe “Boraro” ho feta ho re “batho ba bararo ba ‘moho, ba phelang ka ho sa feleng ba etsang Molimo a le mong.” Haeba hona ho u fa bothata, a ko shebe taba ena: lentsoe ntate moholo ha ho moo le sebelisitsoeng teng ka Bebeleng. Leha re tseba hore ho ne ho ena le bo-ntate moholo ka Bebeleng. Abrahama ene e le ntate moholo oa Jakobo. Kahoo u se ke be ua itšoarella ka lentsoe “Boraro.” Se tšoanetseng ho ba bohlokoa ke hore se BOLELOANG ke lentsoe “Boraro” se teng ka Bebeleng. Ha e le mona re se re qetile ka selelekela, re tla fana ka litemana tsa Bebeleng ha re bua ka Boraro.

1) Ho na le Molimo a le mong: Deuteronoma 6:4; I Ba-Korinthe 8:4; Ba-Galata 3:20; I Timothea 2:5.

2) Boraro bo entsoe ka Batho ba bararo: Genese 1:1; 1:26; 3:22; 11:7; Esaia 6:8; 48:16; 61:1; Mattheu 3:16-17; 28:19; II Ba-Korinthe 13:14. liratsoaneng tsa Testamente ea Khale, tsebo ea se-Heberu e bohlokoa. Ho Genese 1:1 lereo le bongateng “Elohim” le sebelisitsoe. Ho Genese 1:26; 3:22; 11:7 le Esaia 6:8 seemeli-tu se bongateng “rōna” se sebelisitsoe. Taba ea hore Elohim le rōna li bolela bongata bo fetang bobeli E KA SE HANYETSOE. Ka Sekhooa, ho na le boemo ba bonngoe le ba bobeli feela. Ka se-Heberu ho na le boemo ba bonngoe, bobeli le bongata. Boemo ba bobeli bo sebelisoa linthong tse tlang ka bobeli joalo ka mahlo, litsebe, le matsoho. Lentsoe “Elohim” le seemeli-tu “rōna” li bangateng – ‘me hona ho bolela bongata bo fetang bobeli – ‘me e tšoanetse ea be e bolela boraro kapa ho feta (Ntate, Mora, Moea o Halalelang).

Ho Esaia 48:16 le 61:1, Mora o bua a ntse a ikamahanya le Ntate le Moea o Halalelang. Bapisa Esaia 61:1 le Luka 4:14-19 e le hore u bone hore ke Mora ea buang. Mattheu 3:16-17 e hlalosoa ketsahalo ea kolobetso ea Jesu. Seo re se boneng mona ke Molimo Moea o Halalelang a theohela holim’a Molimo Mora ha Molimo Ntate a phatlalatsa thabo ea Hae ka Mora. Mattheu 28:19 le II Ba-Korinthe 13:14 ke mehlala ea Batho ba ikemetseng ba etsang Boraro.

3) Litho tsa Boraro li khetholohile se seng ho se seng, liratsoaneng tse ngata: Testamenteng ea Khale, “MORENA” e khetholohile ho “Morena” (Genese 19:24; Hosea 1:4). “MORENA” o na le “Mora” (Pesaleme ea 2:7,12; Liproverbia 30:2-4). Moea o khethollotsoe ho “MORENA” (Numere 27:18) le ho tsoa ho “Molimo” (Pesaleme ea 51:10-12). Molimo Mora o khethollotsoe ho Molimo Ntate (Pesaleme ea 45:6-7; Ba-Heberu 1:8-9). Testamenteng e Ncha, Johanne 14:16-17 ke moo Jesu a buang le Ntate ka ho romella Moemeli, e leng Moea o Halalelang. Sena se bontša hantle hore o ne a sa ikuke e le Ntate kapa Moea o Halalelang. Sheba hape makhetlong a mang Evangeling moo Jesu a neng a bua le Molimo. Na o ne a bua a le mong? Che. O ne a bua le motho e mong Borarong – e leng Ntate.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e ruta eng ka Boraro?
© Copyright Got Questions Ministries