settings icon
share icon
Pōtso

Na pholoho e ba teng ka tumelo feela, kapa ka tumelo le mesebetsi?

Karabo


Mohlomong ena ke pōtso e bohlokoa ka ho fetisa tumelong ea Bokreste. Pōtso ena ke eona e entseng hore ho be le Phetoho – karohano ea Maporosetanta le Makatholike. Pōtso ena ke eona phapano ea mantlha lipakeng tsa Bokreste ba Bebeleng le lihlotšoana tsa “Bokreste”. Na pholoho e tla ka tumelo feela, kapa ka tumelo le mesebetsi? Na nka pholosoa feela ka ho lumela ho Jesu, kapa ke tlameha ho lumela ho Jesu ke be ke etse lintho tse itseng?

Pōtso ea tumelo feela kapa tumelo le mesebetsi e thatafatsoa ke tse ling tsa liratsoana tsa Bebeleng tseo ho seng bonolo ho li kopanya. Bapisa Ba-Roma 3:28, 5:1 le Ba-Galata 3:24 le Jakobo 2:24. Ba bang ba bona ho se tšoane lipakeng tsa Pauluse (pholoho e ka ba ka tumelo feela) le Jakobo (pholoho e ka ba ka tumelo le mesebetsi). Ha e le ka ‘nete Pauluse le Jakobo ha ba ka ba hanyetsana. Ntlha ea ho se lumellane eo batho ba bang ba buang ka eona, e holim’a likamano lipakeng tsa tumelo le mesebetsi. Pauluse ka ho se tsilatsile o re tiisetso e ka ba ka tumelo feela (Ba-Efese 2:8-9) ha Jakobo eena ekare o re tiisetso e ka ba teng feela ka tumelo le mesebetsi. Bothata bona bo hlakileng bo arabeloa ka ho hlahloba seo Jakobo a hlileng a buang ka sona. Jakobo o hanyetsa taba ea hore motho a ka ba le tumelo ntle le ho etsa mesebetsi e metle (Jakobo 2:17-18). Jakobo o hatella ntlha ea hore tumelo ea ‘nete ho Kreste e tla hlahisa bophelo bo fetohileng le mesebetsi e metle (Jakobo 2:20-26). Jakobo ha a re tiisetso ea pholoho e ka ba ka tumelo le mesebetsi empa o re motho ea lumelang ka tieo o tla hlahisa mesebetsi e metle bophelong ba hae. Ha motho a ipolela e le molumeli, empa a se na mesebetsi e metle bophelong ba hae – o tlameha hore a be a se na tumelo e tiileng ho Kreste (Jakobo 2:14, 17, 20, 26).

Pauluse o bolela taba e joalo lingoloeng tsa hae. Litholoana tse ntle tseo balumeli ba tšoanetseng ho ba le tsona li hlaha ho Ba-Galata 5:22-23. Hang kamora ho re bolella hore re pholositsoe ka tumelo, e seng ka mesebetsi (Ba-Efese 2:8-9), Pauluse o re bolella hore re hloliloe hore re etse mesebetsi e metle (Ba-Efese 2:10). Pauluse o lebelletse bophelo bo fetohileng joalo feela kaha Jakobo a bo lebelletse, “Ka baka leo; motho ha a le ho Kreste, ke ‘mōpuoa e mocha; tsa khale li fetile; bonang, tsohle li nchafetse“ (II Ba-Korinthe 5:17)! Jakobo le Pauluse ha ba hanyetsane thutong ea pholoho. Ba hlalosa taba e le ‘ngoe ka mekhoa e fapaneng. Pauluse o mpa a hatella hore tiisetso e ka ba ka tumelo feela, ha Jakobo a hatella taba ea hore tumelo ho Kreste e hlahisa mesebetsi e metle.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na pholoho e ba teng ka tumelo feela, kapa ka tumelo le mesebetsi?
© Copyright Got Questions Ministries