settings icon
share icon
Pōtso

Moralo oa pholoho ke eng?

Karabo


Na u lapile? E seng tlala ea ‘mele, empa na u na le tlala ea ho hong haholo bophelong? Na ho na le ho hong ka hare-hare ho uena ho sitoang ho khotsofatseha? Haeba ho joalo, Jesu ke eena tsela! Jesu o itse, “Ke ‘na bohobe ba bophelo ea tlang ho ‘na a ke ke a lapa, ‘me a ke ke a nyoroa le ka mohla o le mong” (Johanne 6:35).

Na u ferekane? Ha u fumane tsela kapa sepheo bophelong? Na ho bonahala eka ho na le motho ea timmeng mabone ‘me ha u fumane khanya? Haeba ho joalo, Jesu ke eena tsela! Jesu o phatlalalitse, “Ke ‘na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo” (Johanne 8:12).

Na u ikutloa e ka u koalletsoe kantle ho bophelo? Na u lekile menyako e mengata, ‘me ua fumana ka hare ho sena letho? Na u ntse u batla monyako o isang bophelong bo khotsofatsang? Ha eba ho joalo, Jesu ke eena tsela. Jesu o phatlalalitse a re, “Ke ‘na monyako; ekare ha motho a kena ka ‘na, o tla bolokeha; o tla ‘ne a kene, a ‘ne a tsoe, a bone makhulo” (Johanne 10:9).

Na batho ba bang ba u soabisa kamehla? Na likamano tsa hao li hloka botebo ‘me ha li na tiisetso? Na ekare batho ba bang ba nka monyetla ka uena? Haeba, ho joalo Jesu ke eena tsela! Jesu o itse, “Ke ‘na molisa ea molemo; molisa ea molemo o beela linku bophelo ba hae…Ke ‘na molisa ea molemo, ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba” (Johanne 10:11,14).

Na u tšoenngoa ke hore na ho etsahala eng kamor’a bophelo boo? Na u khathetse ke ho phelela lintho tse bolang kapa tse bang mafome? Na ka nako tse ling u belaetsoa ke ho re na bophelo bo na le moelelo? Na u batla ho phela kamor’a lefu? Ha eba ho joalo, Jesu ke eena karabo! Jesu a phatlalalitse, “Ke ‘na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ‘na leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ‘me a lumetse ho ‘na, a ke ke a shoa” (Johanne 11:25-26).

Tsela ke e feng? ‘Nete ke e feng? Bophelo ke bo feng? Jesu a araba, “Ke ‘na tsela, le ‘nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tllang ho Ntate, ha e se ka ‘na” (Johanne 14:6).

Tlala eo u e utloang ke ea moea, ‘me e ka khotsofatsoa feela ke Jesu. Jesu ke eena feela ea ka tlosang lefifi. Jesu ke monyako o isang bophelong bo khotsofatsang. Jesu ke molisa le motsoalle eo e sa leng u mo batla. Jesu ke bophelo – lefatšeng lena, le le tlang ho tla. Jesu ke tsela ea pholoho.

Lebaka le etsang hore u ikutloe u lapile, lebaka le etsang hore ho bonahale e ka u lahlehile lefifing, lebaka leo u sa fumaneng moelelo bophelong, ke la hore o arohane le Molimo. Bebele e re bolella hore bohle re sitetsoe Molimo, ‘me ka hona re arohantsoe le Molimo (Moeklesia 7:20; Ba-Roma 3:23). Sekheo seo u se utloang pelong ea hao ke sa Molimo ea sieo bophelong ba hao. Re bopetsoe ho ba le likamano le Molimo. Ka lebaka la sebe, re arohane le likamano tseo. Ka ho fetisisa, sebe sa rōna se tla etsa hore re arohane le Molimo ka ho sa feleng, bophelong bona le bo tlang (Ba-Roma 6:23; Johanne 3:36).

Bothata boo, bo ka felisoa joang? Jesu ke tsela! Jesu o nkile sebe sa rōna (2 Ba-Korinthe 5:21). Jesu o shoele sebakeng sa rōna (Ba-Roma 5:8), a nka kahlolo e re lokelang. Matsatsi a mararo kamora moo, a tsoha bafung, a pakahatsa tlhōlo ea hae holim’a sebe le lefu (Ba-Roma 6:4-5). Hobaneng ha a entse see? Jesu o arabile potso eo ka boeena, “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae” (Johanne 15:13). Jesu o re shoetse hore re phele. Ha re bea tumelo ea rōna ho Jesu, re tšepa hore ho shoa ha hae e bile tefo ea libe tsa rōna – libe tsohle tsa rōna li tšoaretsoe le ho hlatsuoa. ‘Me tlala ea rōna ea moea e tla khotsofatsoa. Mabone a tla bonesoa. Re tla fumana monyako o isang bophelong bo khotsofatsang. Re tla tseba motsoalle oa ‘nete le molisa ea molemo. Re tla tseba hore re tla fumana bophelo kamora lefu – bophelo ba ho tsohela leholimong le ho ba le Jesu ka ho sa feleng.

“Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16).

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Moralo oa pholoho ke eng?
© Copyright Got Questions Ministries