settings icon
share icon
Pōtso

Nka fumana tšoarelo joang ho tsoa ho Molimo?

Karabo




Liketso 13:38 e re, “Banna ba heso, tsebang ka hoo hobane tšoarelo ea libe le e boleletsoe ka eena.”

Tšoarelo ke eng, ‘me ke e hlokela eng?

Lentsoe “tšoarelo” le bolela ho hlakoloa ha letlapa, ho leballa, ho hlakola melato. Ha re foselitse batho, re hloka hore ba re tšoarele e le hore likamano li lule li le ntle. Tšoarelo ha e fanoe hobane motho ea e hlokang a lokeloa ke eona. Ha ho motho ea lokeloang ke tšoarelo. Tšoarelo ke ketso ea lerato, mosa, le mohau. Tšoarelo ke ho khetha ho se tšoare motho e mong ka pelo, ho sa natsoe hore na o entse eng.

Bebele e re joetsa hore bohle re hloka tšoarelo ho tsoa ho Molimo. Re sitiloe bohle. Moeklesia 7:20 o re, “Ka ‘nete, ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.” I Johanne 1:8 o re, “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ‘me ‘nete ha e eo ho rōna.” Libe tsohle ke ketso ea bohlaba-phieo ho Molimo (Pesaleme ea 51:4). Kahoo, re tsietsing ea tšoarelo ea Molimo. Ha libe tsa rōna li sa tšoareloe, re tla phela ka ho sa feleng tsuong ea tsona (Mattheu 25:46; Johanne3:36).

Tšoarelo- Nka e fumana joang?

Re leboha hobane Molimo o lerato hape o mohau- O lakatsa ho tšoarela libe tsa rōna! II Petrose 3:9 o re bolella ho re, “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joalo ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” Molimo o lakatsa ho re tšoarela, kahoo o etsa hore ho be le mokhoa oa ho fumana tšoarelo.

Kotlo e lokelang libe tsa rōna ke lefu. Karolo ea pele ea Ba-Roma 6:23 e re, “Hobane moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Re lokeloa ke kotlo ea bōhlōkō bo sa feleng ka lebaka la libe tsa rōna. Molimo moralong oa hae o nepahetseng, o ile oa eba motho- Jesu Kreste (Johanne 1:1,14). Jesu o shoele sefapanong, a nka kotlo e re lokelang- lefu. II Ba-Korinthe 5:21 e re ruta, “Hobane ea sa kang a tseba sebe, Molimo o mo entse sebe ka baka la rōna, re tle re beoe ka eena ba lokileng pel’a Molimo.” Jesu a shoa sefapanong, a nka kotlo e re lokelang! Joalo ka Molimo, lefu la hae le fane ka tšoarelo ho lefatše lohle. I Johanne 2:2 e re, “Ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.” Jesu o tsohile bafung a bolela tlhōlo ea hae holima sebe le lefu (I Ba-Korinthe 15:1-28). Ho rorisoe Molimo, ka lefu le tsoho ea Jesu Kreste. Karolo ea bobeli ea Ba-Roma 6:23 ke ‘nete, “…empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”

U batla hore libe tsa hao li tšoareloe? Na u na le mohopolo o u tšoenyang, oa ho ipeha molato, o sitoang ho tloha kelellong ea hao? Tšoarelo ea Molimo e teng ha feela u ka ba le tumelo ea hore Jesu Kreste ke Mopholosi oa hao. Ba-Efese 1:7 e re, “Ke ka ho eena re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re, tšoarelo ea litšito, ka monono oa mohau oa hae.” Jesu o lefile melato sebakeng sa rōna e le hore re tle re tšoareloe. Seo u tšoanetseng ho se etsa ke ho kōpa hore Molimo a u tšoarele ka Jesu, u lumela hore Jesu o shoele e le ho lefella libe tsa hao- ‘me o tla u tšoarela! Johanne 3:16-17 e tšetse molaetsa o hlollang, “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena.”

Tšoarelo- Na e bobebe hakalo?

Ho joalo, e bobebe hakalo! U ka se be boemong ba ho lokeloa ke tšoarelo ho tsoa ho Molimo. U ka se lefelle tšoarelo ea Molimo. Seo u ka se etsang ke ho e amohela, ka tumelo, ka mohau le mosa oa Molimo. Ha eba u lakatsa ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao, e le hore u fumane tšoarelo ho tsoa ho Molimo, rapela thapelo ena. Ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ha ho na ho u pholosa. Ke feela ha u tšepa hore Jesu Kreste a ka fana ka tšoarelo ea libe. Thapelo ena e hlahisa tumelo ea hao ho Molimo le ho leboha hore o fana ka tšoarelo. “Molimo, kea tseba hore ke bile le litšito ho uena ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena ke tšoareloe. Ke fetohela libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena e le hore ke fumane pholoho. Kea u leboha ka mohau hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Nka fumana tšoarelo joang ho tsoa ho Molimo?
© Copyright Got Questions Ministries