settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka thoabalano pele ho lenyalo / bofebe?

Karabo


Ho kenella litšileng tsohle tse amanang le thoabalano, thoabalano pele ho lenyalo / ho bua ka bofebe ka litemaneng tsa Bebele (Liketso 15:20; Ba-Roma 1:29; I Ba-Korinthe 5:1; 6:13,18; 7:2; 10:8; II Ba-Korinthe 12:21; Ba-Galata 5:19; Ba-Efese 5:3; Ba-Kolose 3:5; I Ba-Thesaloknike 4:3; Juda 7). Bebele e khothalletsa ho se kene thoabalanong pele ho lenyalo. Ho kena thoabalanong pele ho lenyalo ho fosahetse, joalo feela ka bōhlola le litšila tse ling tse amanngoang le thoabalano le motho eo u sa kenang lenyalong le eena. Thoabalano lipakeng tsa monna le mosali ba nyalaneng ke eona feela kopano ea thoabalano eo Molimo a e lumellang (Ba-Heberu 13:4).

Thoabalano pele ho lenyalo e tloaelehile haholo ka mabaka a mangata. Hangata re sheba taba ea “boithabiso” re sa elelloe taba ea “ho tsoala” ngoana. Ee, thoabalano e monate. Molimo o e reretse joalo. O rata ha banyalani ba natefeloa ke ketso eo ea thoabalano (kahar’a lenyalo). Leha ho le joalo, morero oa mantlha oa thoabalano ha se boithabiso, empa ke ho tsoala bana. Molimo ha a hanele thoabalano pele ho lenyalo e le ho re tima boithabiso, empa ho re tšireletsa likemarong tse sa hlokahaleng le bana ba ka tšoanang ba hlaha batsoaling ba sa ba hlokeng kapa ba sa itokisetsang ho tla ha bona. Nahana kamoo ho neng ho ka bang hantle kateng ha re ne re ka etsa kamoo Molimo a ratang kateng: mafu a tšoaetsanoang a ne a tla fokotseha, palo ea bo ‘m’e ba sa nyaloang e ne e tla fokotseha, likemaro tse sa batloeng li ne li tla fokotseha, ho ntšoa ha limpa ho ne ho tla fokotseha, le tse ling. Ha ho fihloa tabeng ea thoabalano pele ho lenyalo, Molimo o re laela ho se kene thoabalanong. Ho se kene thoabalanong ho pholosa maphelo, ho tšireletsa bana, ho fa likamano tsa thoabalano moelelo o nepahetseng, ‘me ka ho fetisisa ke ho hlompha Molimo.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka thoabalano pele ho lenyalo / bofebe?
© Copyright Got Questions Ministries