settings icon
share icon
Pōtso

Nka tseba joang hore, ka ‘nete ke tla fela ke ee leholimong ha ke shoa?

Karabo


Na u na le bonnete ba hore u na le bophelo bo sa feleng, ‘me ha u shoa u tla ea leholimong? Molimo o rata ha u na le bonnete! Bebele e re, “Ke le ngoletse taba tseo, lōna ba lumelang lebitso la Mora oa Molimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng” (I Johanne 5:13). Ha re nke u se u eme ka pele ho Molimo e be o’a u botsa, o re, “Ke u lumelle eng hore u kene leholimong?” U ne u ka re eng? U ka ‘na ua hloka karabo. Seo u tšoanetseng ho se tseba ke hore Molimo o’a re rata, ‘me o fana ka mokhoa oa hore re be le bonnete ba hore, re tla phela bophelo bo sa feleng kae. Bebele e re: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16).

Taba ea mantlha eo re tšoanetseng ho e utloisisa ke bothata bo re sitisang ho kopana le leholimo. Bothata ke bona – semelo sa rōna sa boetsalibe se re sitisa ho ba le likamano le Molimo. Re baetsalibe ka semelo le ka boikhethelo. “hobane bohle ba sitiloe, ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo” (Ba-Roma 3:23). Re ka se ipholose. “Hobane le bolokehile ka mohau, ka tumelo; ha ho tsoe ho lōna - ke mpho ea Molimo. Ha se ka mesebetsi, ho tle ho se ke ha e-ba motho ea ithorisang” (Ba-Efese 2:8-9). Re lokeloa ke lefu le lihele. “Hobane moputso oa sebe ke lefu” (Ba-Roma 6:23).

Molimo o’a halalela ebile o lokile ‘me o lokeloa ke ho ahlola sebe; le ha hole joalo o’a re rata ‘me o re file tšoarelo ea sebe sa rōna. Jesu o itse, “Ke ‘na tsela, le ‘nete le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ‘na” (Johanne 14:6). Jesu o re shoetse sefapanong: “Hobane le eena kreste o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bokhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo” (I Petrose 3:18). Jesu o tsohile bafung: “E leng eena ea teletsoeng lefu ka baka la libe tsa rōna, ‘me o tsositsoe ho re bea ba lokileng” (Ba-Roma 4:25).

Ha re khutleleng potsong ea rōna – “Nka tseba joang bonnete ba hore ke tla fela ke ee leholimong ha ke shoa?” Karabo ke – lumela ho Morena Jesu Kreste ‘me u tla pholosoa (Liketso 16:31). “Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumelang lebitso la lona” (Johanne 1:12). U ka amohela bophelo bo sa feleng e le mpho ea mahala. “Empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna” (Ba-Roma 6:23). U ka phela bophelo bo felletseng ‘me bo ena le moelelo e sa le hona joale. Jesu o itse: “’Na, ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa” (Johanne 10:10). U ka phela bophelo bo sa feleng le Jesu leholimong, joalo kaha a tšepisitse: ”’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ‘na, hore moo ‘na ke leng teng, le lōna le be teng” (Johanne 14:3).

Ha u batla ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao, mohlala oa thapelo eo u ka e rapelang ke ona. Hopola hore, ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ha ho na ho u pholosa. Ke ho tšepa Kreste feela ho ka u pholosang sebeng. Thapelo ena e hlahisa feela tumelo ea hao ho Molimo le ho leboha hore o fana ka pholoho. “Molimo, kea tseba hore ke bile le litšito ho uena, ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena ke tšoareloe. Ke fetohela libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena e le hore ke fumane pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Nka tseba joang hore, ka ‘nete ke tla fela ke ee leholimong ha ke shoa?
© Copyright Got Questions Ministries