settings icon
share icon
Pōtso

Ho bolela eng ho amohela Jesu e le Mopholosi oa hao?

Karabo


Na u kile oa amohela Jesu Kreste joalo ka Mopholosi oa hao? Pele u ka araba, ntumelle ho hlalosa pōtso ena. E le ho ka utloisisa pōtso ena hantle, u tla tlameha ho utloisisa “Jesu Kreste,” “oa hao” le “Mopholosi” pele.

Ke mang Jesu Kreste? Batho ba bangata ba nka Jesu Kreste e le motho ea hantle, tichere e ntle, le hore ke moprofeta oa Molimo. Lintho tsena li hlile li nepahetse ka Jesu, le ha li sa hlalose, ka ‘nete, hore na ke mang. Bebele e re bolella hore Jesu ke Molimo ka nama, Molimo a ba motho (ithute Johanne 1:1, 14). Molimo o tlile lefatšeng ho tla re ruta, ho re folisa maloetse, ho re khalema, ho re tšoarela – ‘me a re shoele! ‘Me Jesu ke Molimo, Mothehi, Mobusi. Na u se u mo amohetse Jesu eo.

Mopholosi ke eng, ‘me hobaneng ha re mo hloka? Bebele e re joetsa hore bohle re sitiloe, bohle re entse liketso tsa sebe (Ba-Roma 3:10-18). Ka lebaka la sebe sa rōna, re lokeloa ke khalefo le kahlolo ea Molimo. Kahlolo ea libe khahlanong le Molimo ea sa feleng, ke kotlo e sa feleng (Ba-Roma 6:23; Tšenolo 20:11-15). Ke kahoo, re hlokang Mopholosi!

Jesu Kreste, o tlile lefetšeng ‘me a shoa sebakeng sa rōna. Lefu la Jesu, joalo ka Molimo ka nama, e bile tefo e sa feleng ea libe tsa rōna (II Ba-Korinthe 5:21). Jesu o shoele e le hore a lefelle libe tsa rōna (Ba-Roma 5:8). Jesu o lefile theko eo e le hore re se e lefe. Tsoho ea Jesu bafung e netefalitse hore lefu la hae le ne le lekane ho lefella kotlo ea libe tsa rōna. Ke kahoo Jesu e leng eena feela Mopholosi (Johanne 14:6; Liketso 4:12)! Na u tšepa Jesu e le Mopholosi oa hao?

Na Jesu ke Mopholosi “oa hao”? Batho ba bangata ba nka bokreste e le ho kena kereke, ho phetha litloaelo le ho se etse libe tse itseng. Hoo, ha se bokreste. Bokreste ba ‘nete ke likamano tsa hao le Jesu Kreste. Ho amohela Jesu e le Mopholosi oa hao, ho bolela ho beha tumelo le tšepo ea hao ho eena. Ha ho ea ka tšoareloang ka lebaka la ho etsa liketso tse itseng. Tsela feela ea ho pholoha, ke ea ho amohela Jesu e le Mopholosi oa hao, ho tšepa lefu la hae e le tefo ea melato ea rōna, le tsoho ea hae e le tiisetso ea bophelo bo sa feleng (Johanne 3:16). Na Jesu ke Mopholosi oa hao?

Ha eba u batla ho amohela Jesu Krete e le Mopholosi oa hao, bua mantsoe a latelang a Molimo. Tseba hle, hore ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ho ka se u pholose. U tla pholosoa libeng tsa hao feela ke Kreste. Thapelo ena e mpa feela e hlahisa ho Molimo tumelo ea hao ho eena, le ho mo leboha bakeng sa ho fana ka pholoho. “Molimo kea tseba hore ke entse sebe khahlanong le uena ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena, ke tle ke tšoareloe. Ka thuso ea hao, ke tlohella libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena sebakeng sa pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ho bolela eng ho amohela Jesu e le Mopholosi oa hao?
© Copyright Got Questions Ministries