settings icon
share icon
Pōtso

Mosali oa Kaine e ne e le mang? Na mosali oa Kaine e ne e le khaitseli ea hae?

Karabo


Bebele ha e hlakise hore na Mosali oa Kaine e ne e le mang. E ka ‘na ea ba e ne e le khaitseli ea hae kapa morali oa ngoan’abo. Bebele ha e bolele hore na Kaine o ne a le lilemo li kae ha a ne a bolaea Abele (Genese 4:8). Kaha ka bobeli ba bona e ne e le lihoai, e ne e ka ‘na ea ba hore ba ne ba se ba le baholo, mohlomong ba se ba na le malapa a bona. Adama le Eva ba tlameha ba ne ba e na le bana ba bangata ntle le Kaine le Abele nakong eo Abele a neng a bolaoa – ba tlamehile ba ile ba ba le bana ba bang ba bangata kamorao ho moo (Genese 5:4). Taba ea hore Kaine o ne a tšaba kamora ho bolaea Abele (Genese 4:14) e supa hore ho ne ho na le bana ba bangata, mohlomong litloholo, kapa litloholoana tsa Adama le Eva nakong eo. Mosali oa Kaine (Genese 4:17) e ne e le morali kapa setloholo sa Adama le Eva.

Kaha Adama le Eva e ne e le batho ba pele (bona feela), bana ba bona ba ne ba se na monyetla oa ho se nyalane. Molimo ha a ka a hanela batho ha ba nyalana le bao e leng ba mali le bona ho fihlela nakong eo batho ba neng ba se ba le bangata lefatšeng (Levitike 18:6-18). Taba e etsang hore ha batho ba mali a le mang (motho le khaitseli ea hae) ba kopana ka thoabalano, ‘me ba etsa ngoana – bokooa bo ba teng kaha batsoali ba ngoana eo ba ena le liphoso tse tšoanang maling a bona ‘me ho le bonolo hore li hlahelle. Ha batho ba hlahang malapeng a fapaneng ba e ba le bana – menyetla ea hore e be ba ka ba le liphoso tse tšoanang maling a bona e tlaase. Ha linako li ntse li ea, ho ntse ho tsoalanoa, bana ba neng ba tsoaloa, ba hlahile ba se ba fokola ka bophelo, ho feta batsoali ba bona. Sena se tsoetsoe ke taba ea hore liphoso tse maling a batsoali li ne li se li eketsehile, li holile, ‘me li ntse li fetela baneng ba tsoaloang. Adama le Eva ba ne ba se na liphoso maling a bona, ke kahoo, bona le meloko e ileng ea ba hlahlama ba neng ba na le bophelo bo matlafetseng ho feta boo re nang le bona kajeno. Bana ba Adama le Eva ba ne ba na le liphoso tse fokolang maling a bona, ha ekaba li ne li le teng. Ke kahoo, ho neng ho bolokehile ho bona ho ka nyalana. Ho ka ‘na hoa utloahala ho makatsa kapa ho soabisa ho nahana hore mosali oa Kaine e ne e le khaitseli ea hae. Kaha Molimo a qalile ka ho bōpa monna a le mong le mosali a le mong, hona ho bolela hore moloko o neng o hlahlama oo o ne o tlameha ho nyalana.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Mosali oa Kaine e ne e le mang? Na mosali oa Kaine e ne e le khaitseli ea hae?
© Copyright Got Questions Ministries