settings icon
share icon
Pōtso

Hobaneng ke sa tšoanelang ho ipolaea?

Karabo


Pelo ea ka e utloela bohloko ba nang le menahano ea ho felisa maphelo a bona ka ho ipolaea. Haeba ke uena hona joale, e ka ‘na ea ba u na le maikutlo a mangata, a kang, ho hloka tšepo le ho nyahama. U ka ikutloa e ka u ka mokoting o tebileng hoo u ka se keng ua khona ho tsoa ho oona. Ho bonahala ekare ha ho na le motho ea tsotellang hore na ho etsahala eng ka uena. Ha ho bonahale eka ho na le molemo oa ho phela…kapa o teng?

Batho ba bangata ba feta tlasa maemo a khathatsang matla ka linako tse ling bophelong mona. Lipōtso tse kileng tsa feta kelellong ea ka ha ke ne ke feta tlasa mathata ke, “Ekaba see ke morero oa Molimo, ea mpopileng?” “Na Molimo o monyane haholo hoo a ke keng a nthusa?” “Ebe mathata a ka a maholo haholo bakeng sa hae?”

Ke motlotlo ho u joetsa hore ha u ka nka nakonyana ea ho lumella Molimo hore e be Molimo ka ‘nete bophelong ba hao hona joale, O tla bonahatsa hore na o moholo hakae! “Hobane ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo” (Luka1:37). Mohlomong maqeba a tse etsahetseng nakong e fetileng a hlahisitse maikutlo a ho nyatsa kapa ho ngala. Sena se ka lebisa ho ikutloeleng bohloko, ho kheneng, ho beng hlaha, ho beng le menahano kapa liketso tsa bokhopo, matsoalo, le tse ling, tse tlisitseng mathata likamanong tse ling tsa hao tse bohlokoa. Le ha ho le joalo, ho ipolaea ho tla tlisa mathata ho baratuoa ba hao bao u sa kang ua rera ho ba utloisa bohloko boo ba tlang ho ba le bona bophelo bohle ba bona.

Hobaneng u sa tšoanelang ho ipolaea? Motsoalle, ho sa tsotellehe hore na lintho li mpe hakae bophelong ba hao, Molimo oa lerato o teng ‘me o u emetse hore u mo lokolle hore a u tataise ho u ntša matšoenyehong a hao, ho ea kantle khanyeng ea hae e hlollang. Ke tšepo ea hao ea ‘nete. Lebitso la hae ke Jesu.

Jesu enoa, Mora oa Molimo ea se nang sebe, o amana le uena nakong ena ea ho nenoa le ea masoabi. Moporofeta, Esaia o ngotse ka eena a re “O na a se na sebopeho, leha e le bokhabane; re mo talimile, ‘me o na a se na ponahalo eo re neng re ka khahlisoa ke eona. O nyatsitsoe, a furalloa ke batho; ke motho oa mahloko, ea tsebang mahlomola, ea tšoanang le eo batho ba tšabang ho talimana le eena; re mo nyatsitse, ha rea ka ra re letho ka eena. Ka ‘nete, o ipelesitse maloetse a rōna, o nkile mahlomola a rōna; empa rōna, re lekantse hoba ke ea lauoang, ea otloang ke Molimo, ea hlomolisoang. Athe o hlabetsoe libe tsa rōna; a tetekoa ka baka la makhopo a rōna; kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse holimo, ‘me re pholosoa ke maqeba a hae. Bohle re ne re lahlehile joalo ka linku, re ne re ea e mong le e mong ka tsela ea hae; empa Jehova o mo jarisitse makhopo ‘ohle a rōna” Esaia 53:2-6).

Motsoalle, Jesu o mamelletse tsena tsohle e le hore libe tsa hao tsohle li tšoareloe! Ho sa tsotellehe hore na u jere boima bo bokae ba libe, tseba hore u tla u tšoarela ha kōpa tšoarelo (khutla libeng tsa hao, u ee ho Molimo). “U ntoo bitsa ho ‘na ka letsatsi la matsoalo; ke tla u namolela, ‘me u tla nkholisa!” (Pesaleme ea 50:15). Ha ho na letho leo u le entseng le ka bang lebe hoo Jesu a ke keng a u tšoarela lona. E meng ea metsoalle ea hae e ile ea etsa libe tse mpe haholo, tse kang, ho bolaea (Moshe), bohlola (Morena Davida), ho hlekefetsa ‘meleng kapa maikutlong (Moapostola Pauluse). Empa ba fumana tšoarelo le bophelo bo ngatafetseng ho Morena. “Ntlhatsoe, u be u ntlhatsoisise bokhopo ba ka, u mphekole sebe sa ka!” (Pesaleme ea 51:2). “Ka baka leo, motho ha ale ho Kreste, ke ‘mōpuoa e mocha; tsa khale li fetile; bonang, tsohle li nchafetse.” (II Ba-Korinthe 5:17).

Hobaneng u sa tšoanelang ho ipolaea? Motsoalle, Molimo o eme a itokiselitse ho lokisa se “robehileng”… e leng, bophelo ba hao hona joale, boo u batlang ho bo felisa ka ho ipolaea. Moporofeta Esaia o ngotse a re: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ‘na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo; o nthomile ho folisa ba robehileng lipelo; ho bolella ba tlamiloeng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona; ho bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna; ho tšelisa ba llang kaofela, ho behela ba llang… Ba tla neoa moqhaka sebakeng sa molora, ole ea thabo sebakeng sa bofifi, kobo ea khanya sebakeng sa moea o tepeletseng, hore ba tle ba bitsoe lieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa” (Esaia 61:1-3).

Tloho ho Jesu, u mo lumelle ho khutlisetsa thabo ea hao le bohlokoa ba hao ha u ntse o mo tšepela ho qala mosebetsi o mocha bophelong ba hao. “U mpuseletse thabo ea poloko ea Hao, nke ke tiisoe ke moea o mafolo-folo. Morena, ahlamisa melomo ea ka, ‘me molomo oa ka o tla tumisa lithoko tsa hao; hobane ha u rate mehlabelo; hola ha ho joalo, nka be ke a ntšitse; le licheso ha u khahlisoe ke tsona. Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng” (Pesaleme ea 51:12,15-17).

Na u tla amohela Morena e le Mopholosi le Molisa oa hao? O tla tataisa mehopolo le metsamao ea hao letsatsi le letsatsi, ka Lentsoe la hae, Bebele. “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo” (Pesaleme ea 32:8). “Kahoo, matsatsi a hao a tla tiea, monono o be teng oa poloko le bohlale le tsebo; ho tšaba Jehova e tla ba leruo la Juda” (Esaia 33:6). Ha u le ho Kreste u tla ‘ne u be le ho sokola empa u tla ba le TŠEPO. Ke “motsoalle e mong ea khomarelang motho ho fetisa ngoan’abo motho” (Liproverbia 18:24). E se e ka mohau oa Morena Jesu o ka ba le uena nakong ea hao ea ho etsa qeto.

Haeba u lakatsa ho tšepa Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao, bua mantsoe ana pelong ea hao ho ea ho Molimo. “Molimo, kea u hloka ka har’a bophelo ba ka. Ke kōpa o ntšoarele ho tsohle tseo ke li entseng. Ke beha tumelo ea ka ho Jesu Kreste ‘me kea lumela hore ke Mopholosi oa ka. Ke kōpa hore u ntlhatsoe, mpholise, u be u khotlisetse thabo bophelong ba ka. Kea u leboha ka lerato la Hao ho ‘na le lefu la Jesu sebakeng sa ka.”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Hobaneng ke sa tšoanelang ho ipolaea?
© Copyright Got Questions Ministries