settings icon
share icon
Pōtso

Na ho na le bophelo kamora lefu?

Karabo


Na ho na le bophelo kamora lefu? Bebele e re bolella ho re, “Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ‘me o khotše litsietsi. Oa mela, o khaoloa joalo ka palesa, o feta joalo ka seriti, ‘me ha ahlole a e-ba teng….Hoja motho ea shoang a ka boela a phela” (Jobo 14:1-2,14)?

Joalo ka Jobo, e ka ‘na ea ba bohle re kile ra ipotsa potso ena. Ha ntle-ntle, ho etsahala eng ho rōna kamora hore re shoe? Na re fella tje fela? Na bophelo bo bolela ho tloha le ho khutlela lefatšeng ho tla phetha merero ea rōna? Na re tla ea sebakeng se le seng bohle, kapa re ea libakeng tse fapaneng? Na ke ‘nete hore, ho na le leholimo le lihele, kapa ke mehōpōlo feela?

Bebele e re bolella hore ho na le bophelo kamora lefu, ‘me ke bophelo bo sa feleng, bo hlollang. “Taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la li bona, tseo tsebe e sa kang ea li utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ea motho“ (I Ba-Korinthe 2:9). Jesu Kreste, Molimo ka nama, o tlile lefatšeng ho tla re fa mpho ena ea bophelo bo sa feleng. “Athe o hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna; kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse holimo, ‘me re pholosoa ke maqeba a hae” (Esaia 53:5).

Jesu o nkile kotlo e lokelang e mong le e mong oa rōna ‘me a tela bophelo ba hae. Kamora matsatsi a mararo, a pakahatsa tlhōlo ea hae holima lefu ka ho tsoa lebitleng, ka Moea le ka nama. A ba lefatšeng matsatsi a mashome a mane ‘me a bonoa ke likete-kete tsa batho pele a ka nyolohela lelapeng la habo la bophelo bo sa feleng, leholimong. Ba-Roma 4:25 e re, “E leng eena ea teletsoeng lefu ka baka la lib etsa rōna, ‘me o tsositsoe ho re bea ba lokileng,”

Ho tsoha ha Kreste e bile ketsahalo e ileng ea ngoloa ka mokhoa o nepahetseng. Moapostola Pauluse a qholotsa batho ho botsa ba boneng ka mahlo ketsahalo ena, ka bonnete ba eona, ‘me ho ne ho se ea hanyetsang bonnete ba eona. Tsoho ea Jesu ke lejoe la motheo tumelong ea mokreste; hobane Kreste o ile a tsosoa bafung, re ka ba le tumelo ea hore le rōna re tla tsosoa.

Pauluse o ‘nile a laea bakreste ba nakong ea pele ba neng ba sa lumellane le taba ena: “Ekare ha ho rutoa hore Kreste o tsohile bafung, ana ba bang har’a lōna ba bolela joang hore tsoho ea bafu e sieo? Hobane ekare ha tsoho ea bafu e le sieo, ekaba Kreste le eena ha a ka a tsoha” (I Ba-Korinthe 15:12-13).

Kreste e bile letsibolo la kotulo e ntle ea ba tlang ho tsosetsoa bophelong hape. Ho shoa ha nama ho tlile ka motho a le mong, Adama, eo bohle re amanang le eena. Empa bohle ba nkeloa lelapeng la Molimo ka tumelo ho Jesu Kreste, ba tla fuoa bophelo bo bocha (I Ba-Korinthe 15:20-22). Joalo feela, kaha Molimo o ile oa tsosa ‘mele oa Jesu, o tla tsosa ‘mele ea rōna bafung nakong eo Jesu a khutlang (I Ba-Korinthe 6:14).

Le ha re tla tsosoa bohle, ha se bohle ba tlang ho ea leholimong. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa khetho, a sa phela, ea hore na o batla ho ea bophelong bo sa feleng kae. Bebele e re joetsa hore re tla shoa ha ‘ngoe, ‘me kamorao ho moo re tla ea ka pele ho setulo sa kahlolo (Ba-Heberu 9-27). Ba entsoeng ba lokileng ba tla ea leholimong, ha ba sa lumelang ba tla isoa bōhlōkōng bo sa feleng, kapa liheleng (Mattheu 25:46).

Lihele joalo ka leholimo, ha se mehopolo feela, ke sebaka se teng. Ke moo ba sa lumelang ba tlang ho utloa khalefo e sa feleng ea Molimo. Ba tla utloa bōhlōkō maikutlong, kelellong le ‘meleng ba ntse ba utloa ka mokhoa o hlakileng tšoabo, ho ikoahlaha le ho nyeliseha.

Lihele li hlalosoa e le sekoti (Luka 8:31; Tšenolo 9:1), hape e le letša la mollo le sebabole moo ba leng teng, ba tlang ho utloisoa bōhlōkō bosiu le motšehare ka ho sa feleng (Tšenolo 20:10). Liheleng ho tla ba le lillo le litsikitlano tsa meno, ho bolelang bōhlōkō le khalefo e khōlō (Mattheu 13:42). Ke “moo sebōkō sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng” (Mareka 9:48). Molimo ha a thabisoe ke lefu la baetsalibe, empa o lakatsa ha ba fetohela libe tsa bona e le hore ba tle ba phele (Ezekiele 33:11). Empa a ka se re qobelle ho ikokobetsa; ha re khetha ho mo furalla, ha a na khetho e ‘ngoe ntle le ho re fa seo re se batlang - e leng ho phela ntle le eena.

Bophelo lefatšeng ke teko – tokisetso ea se tlang ho latela. Sebakeng sa ba lumetseng, sena ke bophelo bo sa feleng boteng ba Molimo ka linako tsohle. Re etsoa ba lokileng joang e le hore re fumane bophelo boo, bo sa feleng? Tsela e ‘ngoe feela - ka tumelo le tšepo ho Mor’a Molimo, Jesu Kreste. Jesu a re, “Ke ‘na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ‘na, leha a shoele o tla tsoha. E mong le e mong ea phelang, ‘me a lumetse ho ‘na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong (Johanne 11:25-26).

Mpho e sa lefelloeng ea bophelo bo sa feleng ho bohle e teng, feela e hloka hore re itime menate ea lefatše ‘me re itelle Molimo “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ‘me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae” (Johanne 3:36). Re ka se fuoe monyetla oa ho kōpa tšoarelo ea libe tsa rōna kamora hore re shoe, hobane hang ha re bona sefahleho sa Molimo re tla qoseha ho lumela ho eena. Molimo o batla hore re tle ho eena ka tumelo le lerato e sa le joale. Ha re amohela lefu la Jesu Kreste e le tefo ea liketso tsa rōna tsa bohlaba-phieo ho Molimo, ha re tšepisoe bophelo bo nang le moelelo mona lfatšeng feela, empa le bophelo bo sa feleng, boteng ba Kreste.

Ha u batla ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao, mohlala oa thapelo eo u ka e rapelang ke ona. Hopola hore, ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ha ho na ho u pholosa. Ke ho tšepa Kreste feela ho ka u pholosang sebeng. Thapelo ena e hlahisa feela tumelo ea hao ho Molimo le ho leboha hore o fana ka pholoho. “Molimo, kea tseba hore ke bile le litšito ho uena, ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena ke tšoareloe. Ke fetohela libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena e le hore ke fumane pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na ho na le bophelo kamora lefu?
© Copyright Got Questions Ministries