settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka bootsoa? Na bootsoa ke sebe?

Karabo


Bebele e re bolella hore ha monna a roabala le monna e mong joalo kaha a roabala le mosali ke sebe. Ka mokhoa o tšoanang, mosali ha roabala le mosali e mong joalo kaha a roabala le monna ke sebe (Genese 19:1-13; Levitike 18:22; Ba-Roma 1:26-27; I Ba-Korinthe 6:9). Ba-Roma 1:26-27 e re ruta ka mokhoa o hlakileng hore bootsoa ke tholoana ea ho hanyetsa le ho se hlomphe Molimo. Ha motho a ntse a tsoela-pele sebeng ‘me a sa lumele, Bebele e re bolella hore Molimo o “mo tlohella” sebeng se sebe ho feta e le hore a tle a bone ho hloka molemo le tšepo ha bophelo ntle le Molimo. I Ba-Korinthe 6:9 e re liotsoa “bakhopo” ha li na ho rua lefa la ‘muso oa Molimo.

Molimo ha a bōpelle motho le litakatso tsa bootsoa. Bebele e re bolella hore motho o fetoha seotsoa ka lebaka la sebe (Ba-Roma 1:24-27), ‘me e qetelle e le ka boikhethelo ba hae. Motho a ka tsoaloa a ena le menyetla e mengata ea ho ba seotsoa, hantle joalo ka ha motho a tsoaloa a na le mekhoanyana ea ho ba hlaha le ho etsa libe. Sena ha se re motho a ka etsa sebe feela hobane a tsoetsoe a na le takatso ea sona. Haeba motho a tsoetsoe e le motho ea ka halefang ha bobebe, na hoo ho mo fa tokelo ea ho itumella ho halefa? Che ha ho joalo! Ka mokhoa o tšoanang motho a se itumelle ho ba seotsoa.

Le ha ho le joalo, Bebele ha e bolele bootsoa e le sebe se “seholo” ho feta tse ling. Libe tsohle li khahlanong le Molimo. Bootsoa ke e ‘ngoe ea lintho tse ngata tse boletsoeng ho I Ba-Korinthe 6:9-10 tse ka thibelang motho ho kena ‘musong oa Molimo. Ho ea ka Bebele, tšoarelo ea Molimo e ka fumanoa ke seotsoa joalo kaha e ka fumanoa ke sehlola, ea rapelang melingoana, ‘molai, lesholu, le ba bang. Molimo o boetse o tšepisa matla a tlhōlo holim’a sebe, ho kenyelletsa le bootsoa, ho bohle ba tlang ho lumela ho Jesu Kreste bakeng sa pholoho ea bona (I Ba-Korinthe 6:11; II Ba-Korinthe 5:17).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka bootsoa? Na bootsoa ke sebe?
© Copyright Got Questions Ministries