Na basali ba ka sebeletsa e le baruti / baboleli? Bebele e re eng ka basali bosebeletsing?




Pōtso: "Na basali ba ka sebeletsa e le baruti / baboleli? Bebele e re eng ka basali bosebeletsing?"

Karabo:
Mohlomong ha ho na taba eo ho ngangisanoang ka eona haholo ka kerekeng kajeno, ho feta ea ho sebeletsa ha basali e le baruti / baboleli. Ka lebaka leo, ho tla ba bohlokoa ho se shebe taba ena joalo kaha e ka banna ba khahlanong le basali. Ho na le basali ba lumelang hore basali ba se sebeletse e le baruti le hore Bebele e notla bosebeletsi ba basali – ‘me ho na le banna ba lumelang hore basali ba ka sebeletsa e le baruti ‘me ha ho na moo ba thibetsoeng ho ka sebeletsa teng ka kerekeng. Ena ha se taba ea ho khetholla batho ka botona kapa botšehali ba bona. E mpa e le ho latela kamoo e hlalosoang kateng ka Bebeleng.

I Timothea 2:11-12 e bolela hore, “Mosali a ithute a khutsitse, ka kutlo eohle. Hobane ha ke lumelle mosali ho ruta, leha e le ho laola monna; a mpe a itulele ka ho ikhutsetsa.” Ka kerekeng, Molimo o fana ka mesebetsi e fapakaneng ho banna le basali. Ke kamoo motho a hlotsoeng kateng (I Timothea 2:13) le kamoo sebe se keneng kateng lefatšeng (II Timothea 2:14). Molimo, ka lingoloa tsa Moapostola Pauluse, o thibela basali ho sebeletsa boemong ba lithuto tsa Moea holim’a banna. Hona ho thibela basali ho sebeletsa e le baruti, hona ho bolela hore ha ba lumelloe le ho ka ruta Lentsoe kapa hona ho ba le maemo a Moea holim’a banna.

Ho na le “ho se lumellane” ho hongata tabeng ea basali ho sebeletseng / baruti ba basali. E ngata haholo ke ea hore Pauluse o hanela basali ho ruta Lentsoe hobane ngoaheng khōlō oa pele, basali ba ne ba sa ruteha. Le ha ho le joalo, I Timothea 2:11-14 ha ho moo e buang ka maemo a thuto teng. Ha e ne eba thuto e ne e hlokeha hore motho a tle a sebeletse, bongata ba barutuoa ba Jesu bo ka be bo sa atleha ho sebeletsa. Taba ea bobeli ke ea hore Pauluse o thibetse basali ba Ba-Efese ho ruta (lengolo la I Timothea le ne le ngolletsoe Timothea, eo e neng e le moruti oa kereke ea Efese). Motse oa Efese o ne o tsebahala ka tempele ea Diana, molingoana oa boshano oa ba-Gerike / ba-Roma. Basali ba ne ba etelletse pele khumamelo ea Diana. Le ha ho le joalo buka ea I Timothea ha ho moo e buang ka Diana kapa moo Pauluse a bolelang ho khumamela Diana e le lebaka la thibelo ea hae ho I Timothea 2:11-12.

Taba ea boraro ke ea hore Pauluse o bua feela ka balekane e seng banna le basali ka bophara. Mantsoe a se-Gerike ho I Timothea 2:11-14 a ne a tla bua ka balekane. Le ha ho le joalo, moelelo e ntse e le oa banna le basali. Ho feta moo, mantsoe ao a se-Gerike a ntse a sebelisitsoe litemaneng tsa 8-10. Na ke banna ba nang le basali feela ba tšoanetseng ho phahamisa matsoho a masoeu, ho se bohale le khang (temana ea 8)? Na ke feela basali ba nyetsoeng ba tšoanelang ho apara liaparo tse lokelang, ho itlhopha ka boitlhompho le ka tšabo, ho ba le mesebetsi e molemo, joalo kaha ho tšoanela basali ba ipolelang ba sebeletsa Molimo (temana ea 9-10)? Che, ha ho joalo. Litemana tsa 8-10, ka mokoa o hlakileng li bua ka banna le basali ba nyetseng kapa ba sa nyalang. Ha ho na letho ka har’a litaba tsena (litemana tsa 11-14) le supang hore ho bua feela ka banna ba nyetseng le basali ba nyetsoeng.

Taba e ‘ngoe e amanang le bosebeletsi ba basali e le baruti ke ea Miriame, Debora, Huda, Prisilla, Foibe le ba bang. – basali ba neng ba nkile maemo a boeta-pele Bebeleng. Khanyetso ena e sitoa ho beha pooaneng lintlha tsa bohlokoa. Debora e ne e le moahloli oa mosali har’a ba 13 ba banna. Huda e ne e le eena feela moporofeta oa mosali har’a ba bangata ba banna ba boletsoeng Bebeleng. Likamano tsa Miriame boeteng-pele li bile ka lebaka la hobane e ne e le khaitseli ea Moshe le Aarone. Basali ba babeli ba ileng ba hlahella ka mahetla linakong tsa Marena e bile Athalia le Jesebele – ba sa hlahellang e le mehlala ea boeta-pele ba bohalaleli.

Bukeng ea Liketso, khaolo ea 18, Prisilla le Akila ba boleloa e le basebeletsi ba tšepahalang haholo ba Kreste. Lebitso la Prisilla le boletsoe pele, ho bolelang hore e ka ‘na ea ba o ne a “hlahelletse ka mahetla” ho feta monna oa hae. Le ha ho le joalo ha ho moo Prisilla a hlalosoang a nka karolo bosebeletsing e leng ho hanyetsanang le I Timothea 2:11-14. Prisilla le Akila ba nkela Apolose ha bona ‘me ba mo hlalosetsa tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng (18:26).

Ho Ba-Roma 16:1, le ha e le mona Foibe a nkuoa e ne e le moteakone oa kereke ea Kenkrea – sena ha se bolele hore Foibe o ne a ruta kerekeng. “Ho khona ho ruta” ho fanoa e le e ‘ngoe ea makhabane a baholo e seng a bateakone (I Timothea 3:1-13; Tite 1:6-9). Balebeli / babishopo / bateakone ba hlalosoa e le “banna ba nang le basali ka bong,” “monna eo bana ba hae ba lumelang” le “banna ba hlomphehang.” Ho ekeletsa, ho I Timothea 3:1-13 le Tite 1:6-9, ho sebelisoa mantsoe a hlalosang banna ha ho bua ka balebeli / babishopo / bateakone.

Mokhoa oo I Timothea 2:11-14 e ngotsoeng ka oona o bontša ka ho hlaka lebaka leo e ngotsoeng ka lona. Temana ea 13 e qala ka “hobane” ebe e fana ka “lebaka” la seo Pauluse a se boletseng litemaneng tsa 11-12. Hobaneng ha basali ba sa lokela ho ruta kapa hona ho okamela banna? Hobane – “Adama o ile a hloloa pele, ‘me hoa latela Eva. ‘Me ha e ka ea eba Adama ea ileng a qhekelloa; e ile ea eba mosali ea qhekelloang.” Lena ke lona lebaka. Molimo o bōpile Adama pele, ‘me a bōpa Eva e tle e be “mothuse” oa Adama. Tlhatlhamano ea Tlholeho e sebetsa malapeng hohle lefatšeng (Ba-Efese 5:22-33) le kerekeng. Taba ea hore feela Eva o ile a qhekelloa e fanoa e le lebaka leo basali ba sa lumelloang ho sebeletsa e le baruti kapa ho ba le bookameli holim’a banna litabeng tsa Molimo. Hona ho etsa hore ba bang ba lumele hore ba se rute kaha ba qhekelleha ha bonolo. Taba eo e ka ba le mabaka a e hanyetsang…feela haeba basali ba qhekelleha ha bonolo, hobaneng ha ba lumelloa ho ruta bana (ba ka thetsehang ha bonolo) le basali ba bang (bao khopolo e leng hore ba ka qhekelloa ha bonolo)? Sena ha se se boleloang mona. Basali ha ba tšoanela ho ruta kapa ho okamela banna litabeng tsa Molimo hobane Eva a ile a qhekelloa. Ke kahoo Molimo a fileng banna matla a mangata a ho ruta ka kerekeng.

Basali ba ipabola haholo linehong tsa ho amohela baeti, mosa, ho ruteng, le ho thuseng. Mosebetsi o mongata oa kereke o itšetlehile holim’a basali. Basali ka kerekeng ha ba thibeloa ho ka rapella pontšeng kapa ho porofeta (I Ba-Korinthe 11:5), ke feela ho okameleng banna litabeng tsa Molimo. Ha ho moo Bebele e thibelang basali ho sebelisa lineo tsa bona tsa Moea o Halalelang (I Ba-Korinthe khaolo ea 12). Basali, joalo feela ka banna ba bilelitsoe ho sebeletsa ba bang, ho bontša litholoana tsa Moea (Ba-Galata 5:22-23), le ho bolela Evangeli ho ba lahlehileng (Mattheu 28:18-20; Liketso 1:8; I Petrose 3:15).

Molimo o laetse hore e be banna feela ba ka sebeletsang maemong a ho ba le matla a ho ruta litaba tsa Moea. Hona ha ho bolele hore banna ba tseba ho rute haholo, kapa hobane basali ba fokola kapa ba se bohlale (ha ho joalo). Ke kamoo Molimo a rerileng hore kereke e sebetse kateng. Banna ba tšoanetse ho fana ka mohlala boeta-peleng ba litaba tsa Moea – bophelong ba bona esita le mantsoeng a bona. Basali ba tšoanetse ho nka boikarabello ba boeta-pele bo ka tlaasana. Basali ba khothalletsoa ho ruta basali ba bang (Tite 2:3-5). Bebele ha e thibele basali ho ruta bana. Seo basali ba thibeloang ho se etsa ke ho ruta kapa ho okamela banna litabeng tsa Moea. Lefatšeng lena moo ho etsoang lintho ho ipapisitsoe le mabaka, basali ba ntse ba lumelloa ho ba baruti / baboleli. Sena ha se etse hore basali ba lahleheloe ke boleng, empa se etsa hore ba tsepame bosebeletsing bo lumellanang le kamoo Molimo a ba fileng kateng.


Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na basali ba ka sebeletsa e le baruti / baboleli? Bebele e re eng ka basali bosebeletsing?