settings icon
share icon
Pōtso

Mokreste ke eng?

Karabo


Buka ea tlhaloso ea mantsoe ea Webster, e hlalosa ha Mokreste e le “motho ea bolelang tumelo ea hae ho Jesu, e le Kreste, kapa tumela e thehileng ka lithuto tsa Jesu.” Le ha tlhaloso ena e le motheo o motle oa ho utloisisa hore na mokreste ke eng, joalo ka litlhaloso tse ling tse ngata, e haelloa ke phetisetso ea ‘nete ea se boleloang ke bebele hore na mokreste ke eng.

Lentsoe lena Mokreste le sebelisitsoe ka makhetlo a mararo Testamenteng e ncha (Liketso 11:26; Liketso 26:28; 1 Peterose 4:16). Balateli ba Jesu Kreste ba ne ba bitsoa “Bakreste” ha ba le Antioke (Liketso 11:26) ka lebaka la boitšoaro, mesebetsi, le lipuo tsa bona tseo e neng e ka tsa Kreste. Le ne le sebelisoa ke batho ba sa pholosoang ba Antioke e le mokhoa o tlokang, o neng o sebelisoa ho hobosa Bakreste. Le bolela “ho ba setho sa mokha oa Kreste” kapa ho “ba molumeli kapa molateli oa Kreste”, ho tšoanang le tsela eo Buka ea Webster ea tlhaloso ea mantsoe e hlalosang ka teng.

Ka bomalimabe ha nako e ntse e ea, lentsoe lena “Mokreste” le lahlile moelelo ‘me le sebelisoa ho motho eo e leng molumeli kapa ea nang le boitšoaro bo botle ho fapana le ho ba molateli oa Jesu Kreste ea tsoetsoeng la bobeli. Batho ba bangata ba sa lumeleng le ho tšepa Jesu Kreste ba ikuka e le Bakreste ka lebaka la ho ea kerekeng kapa ho phela sechabeng sa “Bakreste”. Empa ho ea kerekeng, ho thusa ba hlokang, kapa ho ba motho ea molemo ha ho u etse Mokreste. Moevangeli e mong o kile a re “Ho ea kerekereng ha ho etse motho Mokreste, joalo kaha ho ea sebakeng sa tokiso ea makaloi ho sa etse motho molokisi oa makoloi.” Ho ba setho sa kereke, ho tsamaea litšebeletso kamehla, le ho fana mesebetsing ea kereke ho keke ha u etsa Mokreste.

Bebele e re ruta hore mesebetsi e metle eo re e etsang, e ka se etse hore re amohelehe ho Molimo. Tite 3:5 e re bollella hore “E seng ka mesebetsi e lokileng e entsoeng ke rōna, empa e bile ka lereko la oona, ka hlatsuo ea ho tsoaloa la bobeli, le ka nchafatso a Moea o halalelang.” Ka hona Mokreste ke motho ea tsoetsoeng la bobeli ho Molimo (Johanne 3:3; Johanne 3:7; 1 Petrose 1:23) ‘me ba beile tumelo ea bona le tšepo ho Jesu Kreste. Ba-Efese 2:8 e re bolella hore “Hobane le bolokehile ke mohau, ke tumelo; ha ho tsoe ho lōna, ke mpho ea Molimo.” Mokreste oa ‘nete ke ea baketseng libe tsa hae ‘me a beile tumelo le tšepo ea hae ho Jesu Kreste feela. Tšepo ea bona ha se ho latela bolumeli bo itseng kapa sehlotšoana sa melaoana ea boitšoaro, kapa lethathamo la tse ka etsoang le tse ke keng tsa etsoa.

Mokreste oa ‘nete ke ea beileng tumelo le tšepo bothong ba Jesu Kreste le ho re o re shoetse sefapanong e le tefoo ea libe ‘me a tsoha hape ka letsatsi la boraro ho fumana tlhōlo holim’a lefu e le hore a fane ka bophelo bo sa feleng ho bohle ba lumelang ho eena. Johanne 1:12 e re bolella hore: “Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumetseng lebitso la lona”. Mokreste oa ‘nete ke ngoana oa Molima e le ka ‘nete, ke karolo ea lelapa la ‘nete la Molimo, ‘me ke ea filoeng bophelo bo bocha ka Kreste. Letšoao la Mokreste oa ‘nete ke lerato ho ba bang le ho hlompha lentsoe la Molimo (1 Johanne 2:4; 1 Johanne 2:10).

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Mokreste ke eng?
© Copyright Got Questions Ministries