settings icon
share icon
Pōtso

Na khalalelo ea Kreste e bontšitsoe ka Bebeleng?

Karabo


Ho ekeletsa linthong tse khethehileng tseo Jesu a ipoletseng a le tsona, barutuoa ba hae le bona ba hlokomela khalalelo ea Kreste. Ba boletse ha Jesu a ne a na le tokelo ea ho tšoarela libe – ntho e ka etsoang feela ke Molimo joalo kaha ele Molimo ea khentšoang ke sebe (Liketso 5:31; Ba-Kolose 3:13; cf. Pesaleme ea 130:4; Jeremia 31:34). Se batlang se tšoana le sena se sa tsoa boleloa, Jesu o boetse o boleloa e le ea tlang ho “ahlola ba phelang le ba shoeleng” (II Timothea 4:1). Thomase o ile a llela ho Jesu, “Morena oa ka le Molimo oa ka” (Johanne 20:28). Pauluse o bitsa Jesu “Molimo o moholo, Jesu Kreste, ‘Moloki oa rōna” (Tite 2:13), hape o supa hore pele a tsoaloa Jesu o ne a le teng ka “sebopeho sa Molimo” (Ba-Filipi 2:5-8). Sengoli ho Ba-Heberu se re ka Jesu “Molimo, terone ea hao e tiile ka ho sa feleng” (Ba-Heberu 1:8). Johanne o re, “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ‘me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ‘me Lentsoe [Jesu] e ne e le Molimo.” (Johanne1:1). Mehlala ea litemana tse rutang ka khalalelo ea Kreste e mengata (sheba Tšenolo 1:17; 2:8; 22:13; I Ba-Korinthe 10:4; I Petrose 2:6-8; cf. Pesaleme ea 18:2; 95:1; I Petrose 5:4; Ba-Heberu 13:20), empa o le mong oa mehlala ena o lekane ho paka hore balateli ba ne ba mo nka a halalela.

Jesu o fuoa mabitso a neng a bitsoa Yahweh feela (lebitso le hlomphehang la Molimo) ka Testamenteng ea Khale. Lebitso lena la Testamenteng ea Khale “molopolli” (Pesaleme ea 130:7; Hosea 13:14) ke la Jesu ka Testamenteng e Ncha (Tite 2:13; Tšenolo 5:9). Jesu o bitsoa Emmanuele (“Molimo o na le rōna” ka ho Mattheu 1). Ka ho Zakaria 12:10, ke Yahweh ea reng, “’me ba tla talima ho ‘na eo ba mo hlabileng.” Empa Testamente e ncha e bolela sena holim’a ho thakhisoa ha Jesu (Johanne 19:37; Tšenolo 1:7). Haeba ke Yahweh ea hlabiloeng ‘me a shejoa, hape e bile ke Jesu ea ileng a hlajoa ‘me a ba a shejoa, hona ho bolela hore Jesu ke Yahweh. Pauluse o hlalosa ha Esaia 45:22-23 e bua ka Jesu ho Ba-Filipi 2:10-11. Ho feta mona lebitso la Jesu le sebelisoa le la Yahweh thapelong “A le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo Ntate, le ke Morena oa rōna Jesu Kreste” (Ba-Galata 1:3; Ba-Efese 1:2). Sena e ka be e le thohako ha e ne e le hore Jesu ha a halalele. Lebitso la Jesu le hlaha le la Yahweh moo Jesu a reng “le ba kolobetse ka lebitso [bonngoeng] la Ntate le la Mora, le la Moea o Halalelang” (Mattheu 28:19; sheba hape II Ba-Korinthe 13:14).

Liketso tse ka fihleloang feela ke Molimo li behoa holim’a Jesu. Jesu ha a ka a tsosa bafu feela (Johanne 5:21; 11:38-44), le ho tšoarela libe (Liketso 5:31; 13:38), O hlolile le ho tšehetsa lefatše (Johanne 1:2; Ba-Kolose 1:16-17)! Ntlha ena e boetse e tiisoa ke ha motho a sheba taba ea hore Yahweh o itse o ne a le ‘notši tšimolohong (Esaia 44:24). Ho feta mona, Kreste o na le semelo seo e leng feela ea halalelang ea ka bang le sona: ho ba teng ka ho sa feleng (Johanne 8:58), ho ba hohle (Mattheu 18:20; 28:20), ho tseba tsohle (Mattheu 16:21), ho ba matla ‘ohle (Johanne 11:38-44).

Joale ke ntho e ‘ngoe ho ipitsa Molimo kapa ho etsa hore motho a lumele hore ke ‘nete, hape ke ntho e ‘ngoe e fapaneng hole ho pakahatsa hore e fela e le ‘nete. Jesu o fane ka mehlolo e mengata e le ho ka netefatsa taba ea ho ipolela a halalela hape o bile a tsoha bafung. E meng ea mehlolo ea Jesu e kenyelletsa ho fetola metsi veine (Johanne 2:7), ho tsamaea holim’a metsi (Mattheu 14:25), ho ngatafatsa lintho tse ka tšoarehang (Johanne 6:11), ho folisa lifofu (Johanne 9:7), lihlotsa (Mareka 2:3), le ba kulang (Mattheu 9:35; Mareka 1:40-42), le ho tsosa batho bafung (Johanne 11:43-44; Luka 7:11-15; Mareka 5:35). Ho feta moo, Jesu ka bo-eena o tsohile bafung. Ha ho taba e tšoanang le tsoho eo litumelo tse ling li hlileng li buang ka eona ka mokhoa o matla ‘me ha ho na tiisetso e fetang ena. Ho ea ka Dr. Gary Habermas, ho na le lintlha tse ka bang leshome le metso e ‘meli tseo esitanang le baithuti bao e seng ba Bakreste ba ka li lumelang:

1. Jesu o shoele ka ho thakhisoa.

2. O ile a patoa.

3. Lefu la hae la etsa hore barutuoa ba sareloe ‘me ba lahleheloe ke tšepo.

4. Lebitla la Jesu le ile la fumanoa (kapa la boleloa le fumanoe) le se na letho matsatsinyana ha morao.

5. Barutuoa ba lumela hore ba bone ho hlaha ha Jesu ea tsohileng.

6. Kamora mona barutuoa ba fetoha ho tloha ho belaeleng ho ba balumeli ba sebete.

7. Sena e bile khubu ea taba melaetseng eo ho neng ho rutoa ka eona kerekeng ea pele.

8. Molaetsa ona o ile oa rutoa Jerusalema.

9. Ka lebaka la molaetsa ona, kereke e ile ea hlaha ‘me ea hola.

10. Letsatsi la ho tsoha, Sontaha, la nka sebaka sa sabatha (Moqebelo) e le letsatsi la mantlha la ho khumamela.

11. Jakobo, ‘melaeli, o ile a fetoloa ha a ne a lumela hore o bone Jesu ea tsohileng bafung.

12. Pauluse, sera sa Bokreste, a fetoloa ke ketsahalo e etsahetseng ho eena eo a neng a lumela hore e bile ho hlaha ha Jesu ea tsohileng bafung.

Le ha e ne e-ba motho e mong o ne a ka hanyetsa lintlha tse totobetseng tjena, ke tse fokolang feela tse hlokahalang ho pakahatsa tsoho ea hae le ho theha evangeli: Lefu la Jesu, ho patoa, ho tsoha, le ho hlaha ha hae (I Ba-Korinthe 15:1-5). Le ha e le mona, ho ena le mehopolo e ‘maloa e ka hlalosang tse ling tsa lintlha tse peli tse kaholimo, ha e le tsoho eona e hlalosa tsohle. Bahanyetsi ba lumela hore barutuoa ba ipolela ba bone Jesu ea tsohileng. Mashano kapa tsona litoro li ke ke tsa fetola batho joalo ka mokhoa oo tsoho ea Jesu e entseng ka teng. Ntlha ea pele, ba (barutuoa) ne ba tla fumana eng? Bokreste bo ne bo sa tsebahale haholo ‘me hona ha hoa ka ha ba etsetsa chelete. Ntlha ea bobeli, bo-raleshano ha ba tsebe ho ka intša sehlabelo. Ha ho tlhaloso ea tsoho ea Jesu e kaholimo ho ho itella ho shoa mafu a sehloho, ha barutuoa bakeng sa tumelo ea bona. Ee, batho ba bangata ba shoella mashano ao ba nahanang hore ke ‘nete, empa ha ho ba itellang ho shoella seo ba tsebang hore ha se ‘nete.

Ha ke koala: Kreste o ipoletse e le Yahweh, A halalela (e seng feela “molingoana” – empa Molimo ka sebele), balateli ba Hae (Ba-Juda ba ka beng ba tšositsoe ke ho khumamela melingoana) ba lumetse ho eena ‘me ba mo nka joalo. Kreste o pakahalitse ho ipolela ha hae a halalela ka mehlolo le ka ho tsoha ha hae ho fetotseng lefatše. Ha ho na khopolo e ‘ngoe e ka sebelisoang ho hlalosa lintlha tsena.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na khalalelo ea Kreste e bontšitsoe ka Bebeleng?
© Copyright Got Questions Ministries