settings icon
share icon
Pōtso

Jesu o ne a le kae nakong ea matsatsi a mararo lipakeng tsa lefu la Hae le tsoho?

Karabo


I Petrose 3:18-19 e re, “Hobane le eena Kreste o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bakhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo; o shoele ka nĝeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nĝeng ea moea. Ke ka oona moea oo a ileng ho bolella meea e teronkong.”

Polelo ena, “ka nĝeng ea moea,” temaneng ea 18, e entsoe ka mokhoa o tšoanang le ena “ka nĝeng ea nama.” Ho bonahala ho nepahetse ho bua ka lentsoe “moea” maemong a tšoanang le a lentsoe “nama.” Nama le moea tsena ke tsa Kreste. Mantsoe ana “o phelisitsoe ka nĝeng ea moea,” a bolela ho jara libe le ho shoa ha Kreste ha li tlisitse karohano moeeng oa hae oa botho le Ntate (Mattheu 27:46). Ho se tšoane ho lipakeng tsa nama le moea, joalo ka ho Mattheu 27:46 le Ba-Roma 1:3-4, ‘me e seng lipakeng tsa nama ea Kreste le Moea o Halalelang. Ha kotlo ea sebe ea Kreste e qetiloe, moea oa Hae o qalile kopano e neng e khaotsoe.

I Petrose 3:18-22 e hlalosa tlhokahalo ea khokahanyo lipakeng tsa ho sotloa ha Kreste (temaneng ea 18) le ho phahamisoa hoa Hae (temaneng ea 22). Ke Petrose feela ea fanang ka lintlha tse hlakileng tsa hore na ho etsahetse eng lipakeng tsa liketsahalo tse peli tsena. Lentsoe “bolella,” temaneng ea 19 ha se lentsoe le tloaelehileng Testamenteng e Ncha le bolela ho ruta Evangeli. Le bolela ho fetisa molaetsa. Jesu o utloisitsoe bohloko ‘me a shoella Sefapanong, ‘Mele oa Hae oa bolaoa, ‘me moea oa Hae o ile oa shoa ha a ne a jarisoa libe. Empa moea oa Hae oa phelisoa ‘me a inehela ho Ntate. Ho ea ka Petrose, lipakeng tsa lefu le tsoho ea Hae, Jesu o ile a etsa phatlalatso ea bohlokoa ho “meea e teronkong.”

Ntlha ea pele, Petrose o ne a re batho ke “meea” (souls) a sa bolele “meea ea batemona” (spirits) (3:20). Testamenteng e Ncha lentsoe “meea” (spirits) le sebelisoa ho hlalosa mangeloi kapa batemona, e seng batho; le temana ea 22 e bonahala e bolela sena. Ha ho moo re bolelletsoeng hore Jesu o ile a ea liheleng ka Bebeleng. Liketso 2:31 e re bolella hore o ile a ea “nĝalong ea bafu,” empa nĝalong ea bafu ha se liheleng. Nĝalong ea bafu e bolela boemo ba ho shoa, sebaka seo bafu ba lulang ha nakoana ho sona ba emetse tsoho. Tšenolo 20:11-15 e fana ka phapano e hlakileng ea libaka tsena tse peli. Liheleng ke sebaka sa ho qetella sa kahlolo moo ba lahlehileng ba tlang ho ea teng. Nĝalong ea bafu ke sebaka seo bafu ba tlang ho ba ho sona ha nakoana feela.

Morena oa rōna o ile a nehela moea oa Hae ho Ntate, a shoa, ‘me nakong e lipakeng tsa lefu le ho tsoha a chakela nĝalong ea bafu moo a ileng a fetisa molaetsa ho meea (mohlomong mangeloi a oeleng; sheba Juda 6) ba neng ba amana le nako ea pele ho moroallo nakong ea Noe. Temana ea 20 e etsa hore sena se hlake. Petrose ha a re bolella hore na O itse eng ho meea e teronkong, empa e ne e ke ke ea ba molaetsa oa topollo kaha mangeloi a oeleng a ke ke a pholosoa (Ba-Heberu 2:16). E tlameha e ne e le ho phatlalletsa Satane le mahlahana a hae tlhōlo (I Petrose 3:22; Ba-Kolose 2:15). Ba-Efese 4:8-10 e bonahala e bontša ha Kreste a ile a ea “parateising” (Luka 16:20; 23:43) ‘me a nkele leholimong bohle ba neng ba lumetse ho Eena pele ho lefu la Hae. Serapa sena ha se fane ka botlalo hore na ho ile ha etsahala eng, empa baithuti ba Bebele ba bangata ba lumellana hore sena ke se neng se boleloa “U isitse batšoaruoa kholehong.”

Se ka boleloang ke hore, Bebele ha ea hlaka hore na Kreste o ntse eng ka matsatsi a mararo lipakeng tsa lefu le tsoho ea Hae. Leha ho le joalo, ho bonahala eka, o ne a ruta ka tlhōlo holim’a mangeloi a oeleng le / kapa ba sa lumelang. Seo re nang le bonnete ba sona ke hore Jesu o ne a sa fe batho monyetla oa boinyatso. Bebele e re bolella hore re tobana le kahlolo kamora lefu (Ba-Heberu 9:27), e seng monyetla oa boinyatso. Ha ho karabo e hlakileng hore na Jesu o ne a ntse a etsa eng lipakeng tsa lefu la Hae le tsoho. Mohlomong hona ke ho hong hoa liphiri tseo re tlang ho li utloisisa hang ha re fihla khanyeng ea morena.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Jesu o ne a le kae nakong ea matsatsi a mararo lipakeng tsa lefu la Hae le tsoho?
© Copyright Got Questions Ministries