settings icon
share icon
Pōtso

Na ke Jesu feela tsela e eang leholimong?

Karabo


“’Na ke motho ea lokileng, kahoo ke tla ea leholimong.” “Le ha e le mona ke ntse ke etsa tse ling tsa lintho tse sa lokang, feela ke etsa tse ngata tse lokileng, kahoo, ke tla ea leholimong.” “Molimo a ka se nthomelle liheleng feela ka hobane ke sa phele ho ea ka bebele. Linako li fetohile!” “Ke feela batho ba babe haholo joalo ka ba otlang bana le babolai ba tlang ho ea liheleng.”

Hona ke mehopolonyana e tloahelehileng har’a batho ba bangata, empa he, ‘nete ke hore, kaofela ke mashano. Satane, eena morena oa lefatše, o jala mehopolonyana ena likelellong tsa rōna. Ea salang morao litsela tsa hae, ke sera ho Molimo (Petrose 5:8). Satane o iketsa ea lokileng ka mehla (II Ba-Korinthe 11:14), ‘me o na le taolo holima menahano ea bohle ba sa lumellaneng le Molimo. “E leng bao molimo oa lefatše lena (Satane) o ba foufalitseng likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo” (II Ba-Korinthe 4:4).

Ke leshano ho lumela hore Molimo ha a tsotelle libe tse nyane, ‘me lihele ke tsa “batho ba babe”. Libe tsohle li re arohanya le Molimo, le “leshanonyana le lenyane feela”. Bohle re sitiloe, ‘me ha ho na ea loketseng ke ho ea leholimong ka bo eena (Ba-Roma 3:23). Ho kena leholimong ha rōna ha ho laoloe ke hore na re entse tse ngata tse ntle ho feta tse mpe hakae. Re tla lahleheloa bohle ha e ba re hopotse joalo. “’Me ha e le ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hoja ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; ‘me hoja ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho joalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e e-ba mosebetsi” (Ba-Roma 11:6). Re ka se etse letho le letle le ka re kenyang leholimong (Tite 3:5).

“Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ‘me ba kenang teng ba bangata” (Mattheu 7:13). Le ha e ne e ka ba bohle ba phela ka sebe, ‘me ha ba tšepe Molimo, Molimo o ne a ke ke a ba tšoarela. “Tseo khale le neng le itsamaela ho tsona ka mokhoa oa lefatše lena, ha le ne le sa busoa ke morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele” (Ba-Efese 2:2).

Nakong eo Molimo a neng a theha lefatše, le ne le hloekile. Tsohle li ne li lokile. Ea ba o bopa Adama le Eva, ‘me a ba fa tokoloho ea ho khetha ho mo sala morao le ho mo hlompha, kapa ho se etse joalo. Ea ba, Adama le Eva, ‘mōpo oa pele oa Molimo, ba oela tekong ea Satane ea ho se hlomphe Molimo, ‘me ba etsa sebe. Hona ha etsa hore ba arohane (bohle ba tlileng kamorao ho bona, le rōna) le Molimo. O lokile, ‘me o’a halalela, ‘me o tšoanetse ho ahlola sebe. Re ka se atlehe ho ea leholimo ka bo rōna. Kahoo, Molimo o entse tsela ea hore re tle re boelane le eena leholimong. “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16). “Hobane moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna” (Ba-Roma 6:23). Jesu o tsoaletsoe hore a tle a re ruta tsela, hape a shoele libe tsa rōna e le hore re se shoe. Matsatsi a mararo kamora lefu la hae, a tsoha bafung (Ba-Roma 4:25), a tiisa tlhōlo ea hae holima lefu. O re kopantse le Molimo, e le hore re tle re be le likamano le eena ha feela re ka lumela.

“’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ‘notši oa ‘nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng” (Johanne 17:3). Batho ba bangata ba lumela ho Molimo, ‘me le Satane o’a lumela. Empa ho amohela pholoho, re hloka ho fetohela ho Molimo, re be le likamano le eena, re lahle libe tsa rōna, ‘me re mo sale morao. Re tšepe Jesu linthong tsohle tseo re nang le tsona le tseo re li etsang. “E leng ho loka ha Molimo ho bonoang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le holim’a bohle ba lumelang; hobane ha ho hosele moo” (Ba-Roma 3:22). Bebele e re ruta hore ha ho na tsela e ‘ngoe e isang pholohong ntle le Jesu. Jesu o tiisa taba ena ho Johanne 14:6, “Ke ‘na tsela, le ‘nete, le bophelo; ha ho motho ea tlang ho Ntate, ha e se ka ‘na.”

Jesu ke eena feela tsela ea ho ea pholohong, hobane ke eena feela ea ka lefellang kotlo ea libe tsa rōna (Ba-Roma 6:23). Ha ho na tumelo e ‘ngoe e rutang botebo kapa bobe ba sebe le tse ka tlisoang ke sebe. Ha ho tumelo e ‘ngoe e fanang ka tefo e sa feleng ea libe, ntle le eo Jesu Kreste a fanang ka eona. Ha ho tumelo e ‘ngoe eo mothehi oa eona e leng Molimo ‘me a kile a nka sebopeho sa motho (Johanne 1:1,14) – tsela e ‘ngoe feela eo sebe se neng se ka lefelloa ka eona. Jesu o ne a tšoanetse hore e be Molimo e le hore a tle a lefelle libe tsa rōna. Jesu o ne a tšoanetse hore e be motho a tle a tsebe ho shoa. Pholoho e teng ka tumelo ho Jesu Kreste! “’Me ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona” (Liketso 4:12).

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na ke Jesu feela tsela e eang leholimong?
© Copyright Got Questions Ministries