settings icon
share icon
Pōtso

Bokreste ke eng ‘me Bakreste ba lumela eng?

Karabo


I Ba-Korinthe 15:1-4 e re, “Hape, banab’eso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse eona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho eona, eo le pholohang ke eona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng eona kateng, ha eba le sa ka la lumela feela. Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le ‘na ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shoele ka baka la libe tsa rōna, kamoo Mangolo a bolelang kateng; ‘me o kile a patoa a ba a tsoha ka letsatsi la boraro, kamoo Mangolo a bolelang kateng.”

Ka kakaretso, ke tumelo ea Bakreste eo he. Bokreste bo ikhethollotse har’a litumelo tse ling, hobane Bokreste bo hatetse haholo likamanong e seng feela ho phetheng litloaelo tsa bolumeli. Ho fapana le ho itšoarella lethathamong la “tse ka etsoang le tse ke keng tsa etsoa,” morero oa Mokreste ke ho tsamaela haufi le Molimo Ntate. Likamano tsena li atlehisoa ke mosebetsi oa Jesu Kreste, le thuto ea Moea o Halalelang bophelong ba Mokreste.

Bakreste ba lumela hore Bebele ke lentsoe le bululetsoeng ke Moea o Halalelang la Molimo, hape thuto ea teng ke matla a ka holimo-limo (II Timothea 3:16; II Petrose 1:20-21). Bakreste ba lumela ho Molimo o ‘notši o phelang ka botho bo boraro, e leng Ntate, Mora (Jesu Kreste), le Moea o Halalelang.

Bakreste ba lumela hore batho ba hloliloe sebakeng sa ho ba le likamano le Molimo, empa sebe se arohanya batho le Molimo (Ba-Roma 5:12; Ba-Roma 3:23). Bokreste bo ruta hore Jesu Kreste o phetse lefatšeng, e le Molimo ka botlalo e bile e le motho ka botlalo (Ba-Filipi 2:6-11), ‘me a shoa sefapanong. Bakreste ba lumela hore kamora lefu la hae sefapanong, Kreste o ile a patoa, a tsoha hape, ‘me hona joale o phela letsohong le letona la Ntate, a repella balumeli ka mehla. Bokreste bo phatlalatsa hore lefu la Jesu sefapanong le ne le lekane ho lefella libe tsa motho e mong le e mong, ‘me sena se busetsa likamano tse neng li robehile, tsa motho le Molimo, malulong a nepahetseng (Ba-Heberu 9:11-14, Ba-Heberu 10:10, Ba-Roma 6:23, Ba-Roma 5:8).

E le hore motho a tle a pholosoe, o tšoanetse ho beha tumelo ea hae ka hohle-hohle mosebetsing o phethahetseng sefapanong oa Kreste. Haeba ho na le ea lumelang hore Kreste o shoele sebakeng sa hae a lefa molato oa libe tsa hae, ‘me a tsoha hape, motho eo o pholohile. Ha ho na letho leo motho a ka le etsang hore a putsoe ka pholoho. Ha ho na motho ea ka “lokang ho lekana” ho thabisa Molimo, ka boeena, hobane bohle re baetsalibe (Esaia 64:6-7, Esaia 53:6). Ntlha ea bobeli, ha ho na letho le ka etsoang ho feta, hobane Kreste o entse mosebetsi ‘ohle! Ha a le sefapanong, Jesu Kreste a re, “Ho phethehile” (Johanne 19:30).

Joalo kaha ho se na seo motho a ka se etsang hore a putsoe ka pholoho, hang ha motho a behile tšepo ea hae mosebetsing oa Kreste sefapanong, ha ho na seo motho a ka se etsang hore a lahleheloe ke pholoho le teng. Hopola hore, mosebetsi o entsoe oa ba oa phethoa ke Kreste! Ha ho na letho la pholoho le itšitlehileng ka ea e amohelang! Johanne 10:27-29 e bolela hore, “Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka; kea li tseba, ‘me lia ntatela. ‘Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ‘me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, ‘me ha ho motho ea ka li tutlang letsohong la ka. Ntate ea ‘neileng tsona o moholo ho bohle; ‘me ha ho motho ea ka li tutlang letsohong la Ntate.”

Motho e mong a ka nahana hore, “Litaba tse monate---ha ke pholositsoe, nka etsa kamoo ke ratang ‘me ka se lahleheloe ke pholoho ea ka!” Empa he pholoho ha e bolele hore motho o lokolohile ho ka etsa kamoo a ratang ka teng. Pholoho ke ho lokoloha ho laoloeng ke botho ba khale ba boetsalibe, ‘me u lokoloha ho ka tsitlallela likamano tse nepahetseng le Molimo. Ha feela balumeli ba ntse ba phela lefatšeng lena, ka har’a ‘mele ea bona e etsang libe, ho tla lula ho ntse ho ena le bothata ba ho tlohela sebe. Ho phela sebeng ho sitisa likamano tseo Molimo a li batlang lipakeng tsa hae le batho, ha feela motho a ntse a phela sebeng e le molumeli, a ka se natefeloe ke likamano tseo Molimo a li reretseng ho ba le tsona le eena. Le ha ho le joalo, Bakreste ba ka ba le tlhōlo holim’a ho loana le sebe ka ho ithuta le ho etsa ka lentsoe la Molimo (Bebele) bophelong ba bona, le ho laoloa ke Moea o Halalelang - sena ke ho ipeha tlasa taolo le ho etelloa pele ke Moea o Halalelang maemong a letsatsi ka leng, ‘me ka Moea ba hlompha lentsoe la Molimo.

Kahoo, ha litumelo tse ngata li sa ntse li hloka hore motho a etse lintho tse itseng kapa ho se etse tse itseng, Bokreste bo hatetse ho beng le likamano le Molimo. Bokreste ke ho lumela hore Kreste o shoele sefapanong e le tefo ea libe tsa hao, ‘me a ba a tsoha. Molato oa hao oa sebe o lefelletsoe ‘me u ka ba le likamano le Molimo. U ka ba le tlhōlo holim’a botho ba hao ba boetsalibe ‘me ua tsamaea likamanong le Molimo, u bile u mo hlompha. Hona ke Bokreste ba ‘nete bo boleloang ke Bebeleng.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bokreste ke eng ‘me Bakreste ba lumela eng?
© Copyright Got Questions Ministries